Feta

BIBELE E FETOLA BOPHELO BA BATHO

“Ke ne ke Dula Seterateng”

“Ke ne ke Dula Seterateng”
  • Ke Hlahile ka: 1955

  • Naha ya Heso: Spain

  • Pele: Ke ne ke le lekgoba la dithethefatsi le la jwala, hape ke le mabifi

BOPHELO BA KA BA NAKONG E FETILENG

Batho ba bang ba nka nako e telele pele ba ithuta diphosong tsa bona. Le nna ke e mong wa bona. Ke hlahetse le ho holela Barcelona, e leng toropo ya bobedi ho tse kgolo tsa Spain. Re ne re dula sebakeng se bitswang Somorrostro, e leng toropo e kgolo e pela lewatle. E ne e le sebaka se tummeng ka botlokotsebe le dithethefatsi.

Lapeng re bana ba 9 mme ke nna ya moholo. Ka ha re ne re sotlehile, ntate wa ka o ile a mpatlela mosebetsi moo ho bapalwang tenese mme mosebetsi wa ka e ne e le ho phutha dibolo. Ke ne ke le dilemo tse 10 mme ke sebetsa dihora tse 10 ka letsatsi. Ka lebaka leo, ke ne ke sa kgone ho ya sekolong jwalo ka bana ba bang. Ha ke le dilemo tse 14 ke ile ka sebetsa shopong ya ditshepe mme ke sebetsa ka metjhini.

Ka 1975, Ke ile ka kenela lebotho la sesole sa Spain le neng le le North Africa

Ka selemo sa 1975 ke ile ka bitswa sesoleng, ka ha mona Spain e ne e le tlamo ho kenela sesole. Ka ha ke ne ke batla ho etsa ntho e bontshang hore ke sebete, ke ile ka kenela sesole. Ka nako eo ke ile ka kena ka matla lefatsheng la dithethefatse le jwala.

Ha ke tloha moo, ke ile ka kgutlela Barcelona yaba ke etsa sehlopha sa ditsotsi. Re ne re utswa ntho e nngwe le e nngwe eo re neng re ka e fumana. Ka mora moo, re ne re rekisa dintho tseo ebe re reka dithethefatsi ka tjhelete eo re e fumanang. Ke ile ka qala ho sebedisa LSD le amphetamines, mme ka ba lekgoba la thobalano, jwala le gambling. Bophelo bona boo ke neng ke bophela bo ile ba etsa hore ke be mabifi le ho feta. Ke ne ke dula ke nkile thipa le selepe mme ke ne ke sa tshabe ho di sebedisa ha maemo a dumela.

Ka letsatsi le leng nna le metswalle ya ka re ile ra utswa koloi, yaba re lelekiswa ke maponesa. E ne e ka ke shebile Movie. Re ile ra kganna koloi eo dikhilomithara tse ka bang 30 feela, yaba maponesa a qala ho re thunya. Qetellong re ile ra emisa koloi yaba re ja fatshe. Ha ntate wa ka a utlwa ka taba ena o ile a ntebela lapeng.

Ke ile ka phela seterateng ka dilemo tse hlano. Ke ne ke robala menyakong ya dishopo, ka hara ditraka, phakeng le mabitleng. Ke ile ka ba ka dula nakwana ka lehaheng. Ke ne ke sa bone bohlokwa ba ho phela, kahoo ke ne ke se na taba hore na ke a shwa kapa ke a phela. Ka nako e nngwe nkile ka itsheha matsoho ka lebaka la dithethefatsi. Ke ntse kena le maqeba ao le hona jwale.

KAMOO BIBELE E FETOTSENG BOPHELO BA KA KATENG

Ha ke le dilemo tse 28, mme wa ka o ile a mphumana yaba o nkopa hore ke kgutlele lapeng. Ke ile ka mo tshepisa hore ke tla fetola bophelo ba ka, empa ho ile ha nka nako e telele pele ke phethahatsa tshepiso eo.

Ka letsatsi le leng ho ile ha fihla Dipaki Tsa Jehova tse pedi. Ha ke ntse ke ba mametse, ntate wa ka o ile a nkomanya a le ka kamoreng e nngwe yaba ke ba kwalla ka ntle. Ka ha ke ne ke sa rate ho bolellwa hore na ke etseng, ke ile ka etsa eka ha ke utlwe hore na ntate wa ka o ntse a reng. Ba ile ba mpha dibuka tse tharo tse nyane, tseo ke ileng ka di thabela. Ke ile ka ba botsa hore na kereke ya bona e ho kae, ka mora matsatsi a mmalwa ke ile ka ya Holong ya bona ya Mmuso.

Ntho ya pele eo ke ileng ka e hlokomela ke kamoo batho ba moo ba neng ba apere hantle kateng. Ka nako eo nna ke ne ke apere diphahlo tse tsutsubaneng, ebile kena le moriri le ditedu tse telele. Ke ile ka ema kantle hobane ke ne ke bona ke sa tshwanelehe ho kena ka Holong. Ke ile ka makala haholo ha ke bona Juan, eo re neng re utswa le yena a se a apere sutu. Ka mora moo ke ile ka utlwa hore e ile ya eba e mong wa Dipaki Tsa Jehova selemong se fetileng. Ha ke mmona ke ile ka ba le sebete sa ho kena ka Holong. Ke hona moo bophelo ba ka bo ileng ba fetoha teng.

Ke ile ka dumela ho ithuta Bibele mme ka hlokomela hore ke lokela ho fetola bophelo ba ka haeba ke batla ho amohelwa ke Modimo, ke ne ke tlameha ho tlohela mabifi le boitshwaro bo bobe. Ho ne ho se bonolo ho etsa diphetoho tse jwalo. Ke ile ka ithuta hore haeba ke batla ho thabisa Jehova Modimo ke tlameha ho ‘fetola kelello [ya ka]’ (Baroma 12:2) Mosa oo Modimo a re bontshang ona o ile wa nkama haholo. Ho sa tsotellehe diphoso tseo ke di entseng, ke ne ke utlwa hore o mphile monyetla wa hore ke fetohe. Seo ke ileng ka ithuta sona ka Jehova se ile sa nkama pelo. Ke ile ka hlokomela hore ho na le Mmopi ya nkgathallang.​—1 Petrose 5:6, 7.

Sena se ile sa nsusumelletsa ho etsa diphetoho. Ka mohlala ha ke utlwa ke batla ho tsuba nakong eo ke ntseng ke ithuta Bibele ke ne kere, ‘haeba Jehova Modimo o batla hore ke hlweke ka hofelletseng, ha kena tsuba!’ (2 Bakorinthe 7:1) Ke ile ka lahla disakarete tseo.

Hape ke ne ke lokela ho tlohela ho rekisa le ho sebedisa dithethefatsi. Seo se nkile nako e telele mme ke ne ke lokela ho itela. E le hore ke etse seo, ke ile ka kgaohana le metswalle ya ka. Dintho tseo ba neng ba di etsa di ne di sa nthuse hore ke be le kamano e ntle le Modimo. Ha nako e ntse eya, ke ile ka itshetleha ka Jehova le ka metswalle eo ke ileng ka e fumana ka phuthehong e neng e ikemiseditse ho nthusa. Ba ile ba mpontsha lerato le hore ba a nkgathalla, mme ha hona motho ya kileng a mpontsha dintho tsena. Ka mora dikgwedi ke ile ka tlohela ho sebedisa dithethefatsi ka hofelletseng mme ka ‘apara botho bo botjha,’ e le hore Modimo a nkamohele. (Baefese 4:24) Ke ile ka kolobetswa ka August 1985 mme ka ba e mong wa Dipaki Tsa Jehova.

MELEMO EO KE E FUMANENG

Bibele e nthusitse hore ke fetole bophelo ba ka. E nthusitse hore ke tlohele bophelo bo kotsi le bo neng bo etsa hore ke se ke ka ba le sereti boo ke neng ke bophela. Nnete ke hore batho ba fetang 30 bao e neng e le metswalle ya ka ba se ba hlokahetse ka lebaka la AIDS le mafu a mang a tliswang ke ho sebedisa dithethefatsi. Ke utlwa ke thabile haholo hore ebe ke ile ka sebedisa melaomotheo ya Bibele mme ka qoba diphello tseo tse bohloko.

Hona jwale ha ke sa tsamaya ka thipa le selepe tseo ke neng ke tsamaya ka tsona ha ke sa ntse ke le mabifi. Ne ke sa nahene hore ka letsatsi le leng ke tla tsamaya ka Bibele le ho e sebedisa hore ke thuse batho ba bang. Hona jwale nna le mosadi wa ka re tshebeletsong ya nako e tletseng.

Batswadi ba ka ha se Dipaki empa ba thabela ho bona kamoo ho ithuta Bibele ho ileng ha nthusa kateng. Ka letsatsi le leng ntate wa ka o ile a buella Dipaki Tsa Jehova ka pela basebetsimmoho le yena. O ne a hlokometse hore bodumedi boo ke bo kgethileng bo fetotse bophelo ba ka. Mme wa ka o ne a rata ho re nkabe ke ile ka ithuta Bibele kgale. Ke dumellana le yena haholo!

Ke ithutile hore ha ho thuse ho ithabisa ka dintho tse kang dithethefatsi le dintho tse ding tse kang tseo. Hona jwale ke thabiswa ke ho bolella batho ba bang seo Bibele e se rutang e leng dithuto tse nthusitseng.