Tshenolo e yang ho Johanne 21:1-27

  • Lehodimo le letjha le lefatshe le letjha (1-8)

    • Lefu ha le sa tla hlola le eba teng (4)

    • Dintho tsohle di ba ntjha (5)

  • Jerusalema e Ntjha e a hlaloswa (9-27)

21  Ka bona lehodimo le letjha le lefatshe le letjha.+ Lehodimo la pele le lefatshe la pele di ne di se di fetile+ mme lewatle+ le ne le se le le siyo.  Hape ka bona motse o halalelang e leng Jerusalema e Ntjha. O ne o theoha lehodimong o tswa ho Modimo,+ o kgabile jwalo ka monyaduwa ya ikgabiseditseng monna wa hae.+  Yaba ke utlwa lentswe le phahameng le tswang teroneng le re: “Bona! Tente ya Modimo e hara batho. O tla dula le bona mme e tla ba batho ba hae. Modimo o tla ba le bona.+  O tla hlakola meokgo yohle ya bona.+ Lefu ha le sa tla hlola le eba teng.+ Maswabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha di sa tla hlola di eba teng.+ Dintho tse neng di etsahala pele di fetile.”  Ya dutseng teroneng+ a re: “Bona, ke etsa hore dintho tsohle di be ntjha.”+ Hape a re: “Ngola mantswe ana hobane a a tshepahala mme ke a nnete.”  A boela a re ho nna: “Mantswe ana a se a phethahetse. Ke nna Alfa le Omega,* qalo le qetello.+ Mang kapa mang ya nyorilweng ke tla mo fa metsi a tswang sedibeng sa metsi a bophelo mahala.+  Mang kapa mang ya hlolang ntwa o tla fumana dintho tsena. Ke tla ba Modimo wa hae mme yena e tla ba mora wa ka.  Ha e le makwala, batho ba se nang tumelo,+ ba ditshila le ba etsang dintho tse nyonyehang, babolai,+ ba etsang boitshwaro bo bobe bo amanang le thobalano,*+ ba sebedisanang le bademona, ba rapelang ditshwantsho le bohle ba leshano,+ ba tla lahlelwa letsheng la mollo le sebabole.+ Letsha leo la mollo le bolela lefu la bobedi.”+  Le leng la mangeloi a supileng a neng a tshwere dikotlolo tse supileng tse tletseng dikotlo tse supileng+ tsa ho qetela, la tla ho nna la re: “Tloo ke tlo o bontsha monyaduwa, mosadi wa Konyana.”+ 10  La nkuka ka matla a moya la nkisa thabeng e kgolo e phahameng yaba le mpontsha motse o halalelang, e leng Jerusalema o theoha lehodimong o tswa ho Modimo.+ 11  O ne o ena le kganya ya Modimo.+ O ne o benya jwalo ka lejwe la bohlokwa ka ho fetisisa, jwalo ka lejwe la jaspere le benyang le le bonaletsang jwalo ka kgalase.+ 12  O ne o ena le lerako le leholo le phahameng, dikeiti tse 12 le mangeloi a 12 a emeng dikeiting tseo. Dikeiting tseo, ho ne ho ngotswe mabitso a maloko a 12 a Baiseraele. 13  Ho ne ho ena le dikeiti tse tharo ka botjhabela, tse tharo ka leboya, tse tharo ka borwa le tse tharo ka bophirimela.+ 14  Lerako le ne le ena le majwe a motheo a 12. Ho ne ho ngotswe mabitso a baapostola ba 12+ ba Konyana ho ona. 15  Lengeloi le neng le bua le nna le ne le tshwere lehlaka la kgauta le methang e le hore le methe motse, dikeiti tsa wona le marako a wona.+ 16  Motse oo o na le marako a mane a lekanang ka bolelele le ka bophara. La metha motse ka lehlaka mme bolelele, bophara le bophahamo e ne e le dikhilomithara tse ka bang 2 220.* 17  Hape la metha lerako. Bophahamo ba lona e ne e le dimithara tse ka bang 64.* Le ne le metha ka tsela eo batho ba methang ka yona. 18  Lerako le ne le entswe ka lejwe la jaspere+ mme motse o ne o entswe ka kgauta e hlwekileng e bonaletsang jwalo ka kgalase. 19  Metheo ya lerako la motse e ne e kgabisitswe ka majwe a bohlokwa a mofuta o mong le o mong. Motheo wa pele o ne o kgabisitswe ka lejwe la jaspere, wa bobedi o kgabisitswe ka lejwe la safire, wa boraro o kgabisitswe ka lejwe la kalsedone, wa bone o kgabisitswe ka lejwe la emeralde. 20  Motheo wa bohlano o ne o kgabisitswe ka lejwe la sardonixe, wa botshelela o kgabisitswe ka lejwe la sardiase, wa bosupa o kgabisitswe ka lejwe la krisolite, wa borobedi o kgabisitswe ka lejwe la berile, wa borobong o kgabisitswe ka lejwe la topase, wa leshome o kgabisitswe ka lejwe la krisoprase, wa bo11 o kgabisitswe ka lejwe la hiasinthe, wa bo12 o kgabisitswe ka lejwe la amethiste. 21  Dikeiti tse 12 e ne e le diperela tse 12. Keiti e nngwe le e nngwe e ne e entswe ka perela e le nngwe. Tsela e kgolo ya motse e ne e entswe ka kgauta, e le jwalo ka kgalase e bonaletsang. 22  Ha ke a ka ka bona tempele motseng oo hobane Jehova* Modimo ya Matla Ohle+ ke tempele ya wona le Konyana ke tempele ya wona. 23  Motse oo ha o hloke ho kgantshetswa ke letsatsi kapa kgwedi hobane kganya ya Modimo e ne e o kgantshitse,+ Konyana e ne e le lebone la wona.+ 24  Kganya ya yona e tla kgantsha ditsela tsa ditjhaba+ mme marena a lefatshe a tla tlisa kganya ya ona ho wona. 25  Dikeiti tsa moo di ke ke tsa kwalwa ho hang hobane e tla dula e le motshehare, e ke ke ya eba bosiu.+ 26  Batho ba ditjhaba ba tla tlisa kganya ya bona le tlhompho motseng oo.+ 27  Eng kapa eng e ditshila, mang kapa mang ya etsang dintho tse nyonyehang le ya leshano ba ke ke ba kena ho wona.+ Ho tla kena feela ba ngotsweng moqolong wa Konyana wa bophelo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Qalo le Qetello.” Alfa ke tlhaku ya pele lethathamong la ditlhaku tsa Segerike, Omega ke tlhaku ya ho qetela.
Ka Segerike ke por·nei′a. Sheba Tlhaloso.
Ka Segerike: “ditediamo tse 12 000.” Setediamo se lekana le dimithara tse 185. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Segerike: “ditswe tse 144.” Sheba Ntlha ya B14.