Feta

Keng e Tlisang Thabo ka Lapeng?

Keng e Tlisang Thabo ka Lapeng?

Na o nahana hore ke . . .

  • lerato?

  • tjhelete?

  • ntho e nngwe e itseng?

BIBELE YONA E RENG?

“Ho thaba ba utlwang lentswe la Modimo mme ba le boloka!” —Luka 11:28, Phetolelo ea Lefatše le Lecha.

HO TSEBA SEE HO KA O THUSA JWANG?

Ho fumana lerato la nnete.—Baefese 5:28, 29.

Ho thabela tlhompho ya sebele.—Baefese 5:33.

Ho ba le tshireletseho ya nnete.—Mareka 10:6-9.

NA KA SEBELE RE KA DUMELA SEO BIBELE E SE BUANG?

E, bonyane ka mabaka a mabedi:

  • Modimo ke Moqapi wa lelapa. Bibele e re ‘lelapa le leng le le leng le bitswa’ ka Jehova Modimo. (Baefese 3:14, 15) Ka mantswe a mang, lelapa le teng hobane Jehova e le yena ya le qapileng. Ke hobaneng ha see e le sa bohlokwa?

    Nahana ka sena: Ha re re o ja dijo tse monate mme o batla ho tseba hore na di phehilwe jwang, o ne o tla botsa mang? Ke ho utlwahalang ho botsa motho ya di phehileng.

    Ka ho tshwanang, e le hore re fumane se etsang hore lelapa e be le thabileng, re lokela ho botsa Jehova, Moqapi wa tokisetso ya lelapa.—Genese 2:18-24.

  • Modimo o a o kgathalla. Malapa a lokela ho batla tataiso ya Jehova, eo a fanang ka yona ka Lentswe la hae. Hobaneng? ‘Hobane o a o tsotella.’ (1 Petrose 5:6, 7) Jehova o o batlela se molemo, mme kamehla keletso ya hae e ya sebetsa!—Liproverbia 3:5, 6; Esaia 48:17, 18.

O KA NNA WA IPOTSA

O ka ba monna, mosadi, kapa motswadi ya molemo jwang?

Bibele e araba potso ena ho BAEFESE 5:1, 2 le ho BAKOLOSE 3:18-21.