Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

FPG/The Image Bank via Getty Images

DULANG LE LEBETSE!

Boradipolotiki ba re Armagedone e se e le Haufi—Bibele e Reng?

Boradipolotiki ba re Armagedone e se e le Haufi—Bibele e Reng?

 Hoseng ha Mantaha wa la 10 October 2022, Russia e ile ya boma metse ya Ukraine e le ha e ne e iphetetsa hobane matsatsi a mabedi pele ho moo borokgo bo kopanyang naha ya Crimea le Russia bo ile ba senngwa ka dibomo. Diketsahalo tsena di etsahetse nako e kgutshwanyane ka mora hore boradipolotiki ba bang ba re Armagedone e se e ntse e le haufi le ho tla.

  •   “Ha re eso ka re ikutlwa re le haufi hakana le Armagedone haesale ho tloha dinakong tsa mopresidente wa Amerika John F. Kennedy le ketsahalong ya Cuban Missile Crisis. . . . Ha ke nahane hore ke ntho e ka etsahalang hore ho sebediswe dibomo tsa nuclear ebe qetellong ha ho be le Armagedone.”​—⁠U.S. President Joe Biden, October 6, 2022.

  •   Ha mopresidente wa Ukraine e leng Volodymyr Zelensky a ne a botswa ka ditlamorao tsa ho sebedisa dibomo tsa nuclear ditabeng tsa BBC ka la 8 October 2022, o ile a re: “Ke dumela hore ena ke Armagedone, lefatshe lohle le kotsing.”

 Na ho sebediswa ha dibomo tsa nuclear ho tla etsa hore ho be le Armagedone? Bibele e reng ka taba ee?

Na dibomo tsa nuclear di tla etsa hore ho be le Armagedone?

 Tjhe. Lentswe “Armagedone” le hlaha ha nngwe feela ka Bibeleng lengolong la Tshenolo 16:​16. Ha le bolele ntwa e tla etsahala pakeng tsa ditjhaba empa le bolela ntwa e tla etsahala pakeng tsa Modimo le “marena a lefatshe lohle.” (Tshenolo 16:14) Modimo o tla sebedisa ntwa ya Armagedone ho fedisa mebuso ya batho.—Daniele 2:44.

 E le hore o ithute dintlha tse ding ka hore na Armagedone e bolelang, bala sehlooho se reng Ntwa ya Armagedone Keng?

Na lefatshe le batho ba dulang ho lona ba tla fediswa ke ntwa ya nuclear?

 Tjhe. Le hoja babusi ba lefatshe ba ka sebedisa dibomo tsa nuclear nakong e tlang, Modimo a ke ke a dumella hore lefatshe le fediswe. Bibele e re:

  •   “Lefatshe le dula le le teng ho ya ho ile.”​—⁠Moeklesia 1:⁠4.

  •   “Lefatshe e tla ba lefa la ba lokileng, ba tla phela ho lona ka ho sa feleng.”​—⁠Pesaleme ya 37:⁠29.

 Le ha ho le jwalo, boprofeta ba Bibele le dintho tse etsahalang hona jwale di a bontsha hore haufinyane ho tla ba le diphetoho tse kgolo lefatsheng. (Matheu 24:3-7; 2 Timothea 3:1-5) Ithute hore na Bibele e reng ka bokamoso ka hore o ithute Bibele mahala le rona.