Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Ho Phallela ba Wetsweng ke Dikoduwa

Ho Phallela ba Wetsweng ke Dikoduwa

1 FEBRUARY 2021

 Selemo sa 2020 se bile le dikoduwa tse ngata tsa tlhaho, tse qadileng ka sewa sa COVID-19 se ileng sa ama lefatshe lohle. Dipaki Tsa Jehova di ile tsa thusa ba amehileng jwang?

 Selemong sa tshebeletso sa 2020, a Komiti ya Bohokahanyi ya Sehlopha se Busang e fane ka tumello ya hore ho sebediswe tjhelete e fetang diranta tse dimilione tse 430 bakeng sa ho thusa ba wetsweng ke dikoduwa. Ho ile ha thuswa batho ba anngweng ke dikoduwa tse fetang 200 ho akarelletsa sewa sa COVID-19, mahodiotswana, dikgohola Afrika, tlala Venezuela le komello Zimbabwe. Menehelo e ile ya sebedisetswa ho lefella dijo, metsi, bodulo, diaparo, dithuso tsa bongaka, dintho tse hlwekisang le ho haha kapa ho lokisa matlo a senyehileng. Mehlala ya taba eo ke ena.

 COVID-19. Lefatsheng lohle, sewa sena se ile sa thefula bara le baradibabo rona mmeleng, maikutlong esita le moruong. Ho ile ha thehwa Dikomiti Tsa Diphallelo tse fetang 800 bakeng sa ho thusa bara le baradibabo rona. Barababo rona ba dikomiting tseo, ba ne ba sheba hore na bara le baradibabo rona ba hlokang ebe ba tlalehela Komiti ya Bohokahanyi e le hore e ka ba tataisa hore na ba ba thuse jwang.

 Selemo kaofela, dikomiti tsena di ile tsa thusa bara le baradibabo rona ba bangata hore ba fumane dijo, metsi, dintho tse hlwekisang le meriana. Dibakeng tse ding, dikomiti tsena di ne di sebetsa le baholo ho thusa bara le baradibabo rona ho fumana dithuso tseo mebuso e fanang ka tsona.

 Esita le batho bao eseng Dipaki, ba bone mosebetsi oo re o etsang wa diphallelo. Mohlala, Field Simwinga eo e leng mokomishinara wa setereke Nakode, Zambia, o ile a re ho barababo rona: “Re leboha thuso e nakong eo le faneng ka yona ho thusa malapa a amehileng.”

 Tlala Angola. Ka lebaka la sewa sa COVID-19, batho ba bangata Angola ba ne ba se na dijo ebile theko ya tsona e ne e phahame hona hoo. Bara le baradibabo rona ba bangata ba ne ba thatafallwa ho reka dijo.

Dijo tse tswang Brazil di ya Angola

 Lekala la Brazil le ile la kopuwa hore le romele dijo ho barababo rona ba Angola. E le hore ho sebediswe menehelo ya diphallelo hantle, barababo rona ba ile ba batlisisa mekgwa e sa bitseng haholo ya ho reka le ho romela dijo, hape ba ne ba di reka ka bongata. Sephuthelwaneng ka seng sa dijo, ho ne ho sebedisitswe tjhelete e ka bang R400 bakeng sa ho se reka le ho se tsamaisa. Empa se ne se ka ba boima ba dikhilograma tse 20 mme ka hara sona ho e na le raese, dinawa le oli. Ho tla fihlela jwale, ho se ho rometswe diphuthelwana tse 33 544, e leng dintho tse etsang boima ba dithane tse 721. Dijo tseo, ha di kopana le tse rekilweng sebakeng ka seng se amehileng, di ile tsa fuwa bara le baradibabo rona ba fetang 50 000!

 Bara le baradibabo rona ba ikutlwa jwang ka diphallelo tsee? Alexandre ya dulang karolong e hole ya Angola o re: “Diphallelo tsena di mpontshitse hore Jehova wa nthata ebile ha ke mong. Mokgatlo o nka ke le motho wa bohlokwa!” Mariza, e leng mme ya hodisang bana a le mong, o re: “Jehova o utlwile thapelo yaka. Ke a mo leboha ka mokgatlo wa hae.”

Barababo rona ba Angola ba thabetse diphallelo tseo ba di fuweng

 Ho Thusa Nakong ya Komello Zimbabwe. Selemong sa tshebeletso sa 2020, Zimbabwe e ile ya otlwa ke komello mme batho ba dimilione ba hloka dijo. Dipaki Tsa Jehova tse dikete di ile tsa haellwa ke dijo.

 Ho ile ha thehwa dikomiti tse hlano tsa diphallelo bakeng sa ho thusa. Bahweletsi ba bangata ba ile ba thusana ka ho paka dijo le ho laolla kapa ba kadimana ka dikoloi tsa bona. b Selemong sa tshebeletso sa 2020, ho ile ha sebediswa tjhelete e ka hodimo ho diranta tse dimilione tse leshome ho fa bara le baradibabo rona ba fetang 22 700 dijo.

Barababo rona ba Zimbabwe ba fumana diphallelo (ke pele ho sewa sa COVID-19)

 Ka dinako tse ding, ha ho fihla diphallelo, barababo rona ba ne ba se na letho leo ba le jang. Ha dijo tseo di fihla, ba leboha Jehova. Ba bang ba ile ba qalella ho bina dipina tsa Mmuso.

 Sebakeng se seng, Dipaki tse pedi tse hlokahalletsweng ke balekane di ile tsa ya pitsong moo ho neng ho ilo buuwa ka diphallelo tse fanwang ke mekgatlo eo eseng ya mmuso (NGO). Empa batho ba pitsong eo, ba ile ba qala ho bua ka dipolotiki ka hoo baradibabo rona bao ba etsa qeto ya hore ba ke ke ba amohela diphallelo tseo. Eitse ha ba tsamaya pitsong eo, batho ba ile ba ba soma ba re: “Re se ke be ra le bona le kgutla le tlo re batla dijo!” Dibeke tse pedi hamorao, barababo rona ba ile ba tlisa diphallelo ho baradi bao ba bo rona, le pele mekgatlo yane e fana ka tsona!

Prisca o re: “Jehova a ke ke a swetsa bahlanka ba hae”

 Diphallelo tse ileng tsa fanwa Zimbabwe di entse hore batho ba bue hantle ka rona. Mohlala o mong ke wa Prisca ya dulang motseng o mong o monyane. Le hara mathata a bakilweng ke komello, Prisca o ne a sebedisa letsatsi la Laboraro le la Labohlano bakeng sa ho bua le batho ka Bibele. O ne a etsa jwalo esita le nakong eo ho neng ho lengwa. Batho ba motseng wa habo ba ne ba mo soma ba re: “Lelapa la hao le tlo lapa ka lebaka la mosebetsi ona wa hao.” Prisca o ne a ba araba a re: “Jehova a ke ke a swetsa bahlanka ba hae.” Ka mora nako, o ile a fumana diphallelo tse tswang mokgatlong wa rona. Baahisane ba ne ba maketse hoo ba ileng ba re: “Modimo ha a o swetsa, le rona re batla ho ithuta ka yena.” Batho ba supileng motseng moo hona jwale ba mamela diboka tse haswang seyalemoyeng.

 Ha bofelo bo ntse bo atamela, dikoduwa tsa tlhaho di tla tswela pele di ntse di etsahala. (Matheu 24:3, 7) Re leboha haholo ka menehelo eo le e ntshang ka mekgwa e sa tshwaneng ho donate.dan124.com. Menehelo eo e tla sebedisetswa ho thusa ba hlokang thuso.

a Selemo sa tshebeletso sa 2020 se qadile ka September 2019 sa fela ka August 2020.

b Ka ha ho na le dithibelo ka lebaka la sewa sa COVID-19, barababo rona ba ile ba tlameha ho kopa tumello ya ho isa dijo ho batho. Ba ne ba boetse ba le hlokolosi hore ba se ke ba ipeha kotsing ya ho tshwaetswa ke kokwanahloko ena.