Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

MONEHELO WA HAO O SEBEDISWA JWANG?

Monehelo o Mongata o Tlatsetsa Monehelo o Haellang

Monehelo o Mongata o Tlatsetsa Monehelo o Haellang

1 OCTOBER 2020

 Dipaki Tsa Jehova di etsa mosebetsi wa bohlokwa e le hore di thuse batho dinaheng tse ka hodimo ho 200. Empa hodima dinaha tseo tse fetang 200, ke tse 35 feela tse fumanang monehelo o lekaneng e le hore di patale ditshenyehelo tsa tsona Empa ditshenyehelo di kwalwa jwang dinaheng tse sa ruang?

 Sehlopha se Busang se nahana ka dintho tseo Dipaki Tsa Jehova lefatsheng lohle di di hlokang e le hore di sebeletse Jehova le ho bolela ditaba tse molemo. Re sebedisa menehelo eo re e fumanang ka tsela e loketseng. Haeba lekala le fumana monehelo o fetang oo le o hlokang ho kwala ditlhoko tsa ona, le fa dibaka tse se nang monehelo o lekaneng tjhelete e setseng. Tokisetso ena e tshwana le seo Bakreste ba mehleng ya pele ba neng ba se etsa, ba ne ba thusana “ka ho lekalekanya.” (2 Bakorinthe 8:14) Ba ne ba sebedisa monehelo wa bona o setseng ho thusa Bakreste ba neng ba sena monehelo o lekaneng.

 Bara le baradibabo rona ba ileng ba ekelletswa monehelo ke makala a mang ba ikutlwa jwang? Ka mohlala, Tanzania, moo halofo ya batho ba dulang teng ba phelang ka tjhelete e ka bang ka tlase ho R33.38 ka letsatsi, menehelo eo e sebediseditswe ho lokisa Holo ya Borapedi e sebediswang ke Phutheho ya Mafinga. Phutheho eo e ile ya ngola ya re: “Haesale ho lokiswa Holo, palo ya batho ba tlang dibokeng e eketsehile! Re ananela haholo mokgatlo wa Jehova le hore bara le baradibabo rona lefatsheng lohle ba ile ba ntsha monehelo e le hore re thabele sebaka sena se setle sa borapedi.”

 Ba bang ba bara le baradibabo rona ba Sri Lanka ba ile ba ba le kgaello ya dijo ka lebaka la sewa sa COVID-19. Moradiwabo rona Imara Fernando le mora wa hae ya monyane e leng Enosh, ke ba bang ba bona. Le ha ho le jwalo ka lebaka la monehelo o tswang dinaheng tse ding ba fumane thuso e hlokahalang. Kareteng eo ba e ngotseng ba ile ba re: “Re leboha bara le baradibabo rona ba ileng ba re bontsha lerato nakong e na e thata. Re thabile haholo hore ebe re karolo ya lelapa lena mme re tswela pele ho rapella hore Jehova a thuse bara le baradibabo rona matsatsing ana a ho qetela.”

Imara le Enosh Fernando

 Ho sa tsotellehe hore na bara le baradibabo rona ba dula hokae ba susumelletseha ho arolelana seo ba nang le sona. Ka mohlala, Enosh o iketseditse lebokose le lenyane leo a tshelang tjhelete ka ho lona, e le hore a ka fana ka monehelo bakeng sa ho thusa malapa a hlokang. Moradiwabo rona Guadalupe Álvarez o a bontsha hore le yena ke motho ya ratang ho fana. O dula karolong e nngwe ya Mexico moo batho ba fumanang mokgolo o monyane kapa ba sa sebetseng hohang. Le ha ho le jwalo, o nehela ka sohle seo a ka se kgonang. O ile a ngola a re: “Ke leboha Jehova ka lerato leo a re bontshang lona. Ke a tseba hore monehelo wa ka o tla kopanngwa le wa ba bang mme o thuse bara le baradibabo rona ba hlokang.”

 Diofisi tsa lekala di thabela ho romela tjhelete dibakeng tse hlokang. Morabo rona Anthony Carvalho ya sebeletsang Komiting ya Lekala e Brazil o re: “Ka dilemo tse ngata, mosebetsi o etswang naheng ya rona o ne o hloka tshehetso ya ditjhelete e tswang dinaheng tse ding, ka lebaka la tshehetso ena re bone kgolo e hlollang haholo. Hona jwale maemo a rona a ditjhelete a fetohile mme re na le monyetla wa ho thusa ba bang. Bara le baradibabo rona ba Brazil ba sheba mosebetsi wa ho ruta batho Bibele lefatsheng lohle mme ba kgona ho bona hore na ba ka etsang e le hore ba thuse.”

 Dipaki Tsa Jehova di ka tshehetsa bara le baradibabo rona ba hlokang jwang? Ho e na le hore ba romele tjhelete ka ho toba ofising ya lekala e naheng e nngwe ba ka fana ka monehelo mosebetsing wa lefatshe lohle. Ba ka etsa sena ka hore ba tshele monehelo ka mabokoseng a monehelo a phutheho a ngotsweng “Mosebetsi wa Lefatshe Lohle” kapa ba sebedisa websaete ya donate.dan124.com. Re ananela haholo menehelo ena.