Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

FADIMEHANG! No. 1 2022

Ka ha maemo a lefatshe a ntse a mpefala, boholo ba rona re utlwa bohloko ka lebaka la dikoduwa tsa tlhaho le mathata a bakwang ke batho. Makasineng ena o tla ithuta hore na o ka etsang e le hore o mamelle mathata ana le hore na o ka itshireletsa jwang le baratuwa ba hao.

 

Keng e ka re Thusang ho Mamella Mathata?

Ha o hlahelwa ke mathata, etsa qeto hanghang mme o sireletse wena le ba lelapa la hao.

1 | Sireletsa Bophelo ba Hao

Ha o etsa hore o phele hantle, o tla kgona ho mamella mathata.

2 | Boloka Tjhelete ya Hao le Dintho Tsohle Tseo o Nang le Tsona

Haeba o sebedisa tjhelete hantle, o tla kgona ho mamella mathata.

3 | Boloka Dikamano Tsa Hao di le Ntle le Batho Bao o ba Ratang

Ithute dintlha tsa bohlokwa tse ka o thusang hore o boloke dikamano tsa hao di le ntle le batho bao o ba ratang.

4 | Eba le Tshepo ya Hore Dintho di Tla Loka

Bibele e ka o thusa hore o mamelle mathata mme e boetse e fana ka tshepo ka bokamoso.

Dintlha Tse Makasineng Ena

Bala dihlooho tse ka thusang wena le ba lelapa la hao hore le mamelle mathata a amang moloko wa batho.