Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PALE YA BOPHELO

O ne a Ikemiseditse ho ba Lesole la Kreste

O ne a Ikemiseditse ho ba Lesole la Kreste

Ke ile ka ntsha letsoho butle mme ka phahamisa sakatuku se sesweu ha dikulo di ntse di feta pela ka. Masole ao a neng a ntse a thunya, a ile a re ke tswe sebakeng seo ke neng ke ipatile ho sona. Ke ile ka tswa butle, ka ba atamela, ke sa tsebe hore na ke tla phela kapa jwang. E re ke le qoqele hore na ho tlile jwang hore ke be boemong bona bo sa jeseng ditheohelang.

KE HLAHILE ka 1926, motseng o monyenyane wa Greece o bitswang Karitsa. Batswadi ba ka e ne e le batho ba sebetsang ka thata. Ke wa bosupa lapeng la bana ba robedi.

Selemo pele ke hlaha, batswadi ba ka ba ile ba kopana le monna e mong ya tjhesehang le ya ratang ho bua ya bitswang John Papparizos. E ne e le e mong wa Baithuti ba Bibele, e leng kamoo Dipaki Tsa Jehova di neng di bitswa kateng ka nako eo. Kamora hore John a ba hlalosetse Mangolo ka tsela e utlwahalang, ba ile ba qala ho ya dibokeng. Mme o ne a e na le tumelo e matla ho Jehova Modimo mme le hoja a ne a sa ruteha, o ne a sebedisa monyetla o mong le o mong ho bolella ba bang ka seo a ithutang sona. Ka maswabi, ntate yena o ne a shebane le mefokolo ya batho ba bang mme a qetella a se a sa hlole a ya dibokeng.

Nna le bana beso re ne re hlompha Bibele, empa re ne re sitiswa ke menate ya lefatshe ho hatela pele. Ka selemo sa 1939, re ile ra tshoha haholo ha Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e qhoma Europe. Motswala wa ka Nicolas Psarras, ya neng a dula pela heso, o ne a sa tswa kolobetswa. Ha a le dilemo di 20 o ile a kenngwa sesoleng sa Greece a sa batle. Ka sebete Nicolas o ile a re ho balaodi ba sesole: “Nke ke ka lwana hobane ke lesole la Kreste.” O ile a iswa nyeweng lekgotleng la masole mme a ahlolelwa ho qeta dilemo tse leshome teronkong. Re ile ra sala re maketse!

Leha ho le jwalo, ka selemo sa 1941 lebotho la dinaha tse entseng Selekane le ile la kena Greece mme Nicolas a lokollwa. O ile a kgutlela Karítsa, yaba abuti waka, Ilias, o mo hloma dipotso mabapi le Bibele. Le nna ke ile ka mamela. Kamora moo, nna le Ilias le Efmorfia e leng kgaitsedi ya rona ya ho fela, re ile ra qala ho ithuta Bibele mme ra ya dibokeng kamehla. Selemong se latelang, ka boraro ba rona re ile ra inehela ho Jehova mme ra kolobetswa. Hamorao, bana beso ba bane le bona e ile ya e ba Dipaki tse tshepahalang tsa Jehova.

Ka selemo sa 1942, Phutheho ya Karítsa e ne e se e na le bahweletsi ba robong ba neng ba ka ba pakeng tsa dilemo tse 15 le tse 25. Re ne re se re hlokometse hore diteko tse matla di ne di le tseleng. Kahoo, re ile ra matlafatsa tumelo ya rona ka ho etsa sohle seo re ka se kgonang ho bokana hammoho e le hore re ka bala Bibele, ho bina dipina tsa Mmuso le ho rapela. Seo se ile sa tiisa tumelo ya rona.

Demetrius le metswalle ya hae ba Karítsa

NTWA YA LEHAE

Ha Ntwa ya Bobedi ya Lefatshe e lala, makomonisi a Magerike a ile a tsohela mmuso wa Greece matla, e leng se ileng sa baka ntwa e sehloho ya bana ba thari. Bahanyetsi bana ba ile ba dikadiketsa mapatlelo a motse mme ba qobella baahi hore ba ba tshehetse. Ha ba ntse ba hlasela motse jwalo, ba ile ba kwetela nna le abuti wa ka Ilias, hammoho le motjha e mong wa Paki e leng Antonio Tsoukaris. Re ile ra leka ho ipuella ka hore re Bakreste, empa ba ile ba re qobella hore re ye Thabeng ya Olympus, e bohole ba dihora tse 12 ho tloha motseng wa habo rona.

Nakwana kamora moo, moetapele wa mokgatlo oo wa bohanyetsi o ile a re re o kenele. Ha re mo hlalosetsa hore Bakreste ba nnete ha ba a lokela ho lwana le batho ba bang, o ile a re isa ho mookamedi wa hae a tuka ke bohale. Re ile ra hlalosetsa mookamedi eo se tshwanang, yaba o re: “Nkang mmoulo le palamise masole a lemetseng ntweng le a ise sepetlele.”

Re ile ra re: “Empa haeba masole a mmuso a ka re tshwara, na a ke ke a nahana hore le rona re ntweng?” Ke ha a re: “Isetsang masole dijo.” Yaba re re: “Jwale haeba molaodi wa sesole a re bona re tla ka mmoulo ebe o re re nke dibetsa mme re di isetse masole?” Mookamedi o ile a ja masapo a hlooho. Qetellong o ile a re: “Ho lokile, tsamo disang dinku. Dulang thabeng moo le hlokomele mohlape.”

Kahoo, letswalo la rona le ile la re dumella ho disa dinku ho e na le ho kenella ntweng. Kamora selemo Ilias, jwalo kaha e ne e le yena ya moholo, o ile a lokollwa hore a ilo hlokomela mme wa rona kaha jwale ntate o ne a se a hlokahetse. Antonio yena o ile a lokollwa ka lebaka la ho kula. Empa ha e le nna ke ile ka sala ke le motshwaruwa.

Ka nako eo, masole a Greece a ne a le tseleng ho tla hlasela makomonisi ana. Sehlopha se neng se ntshwere se ile sa balehela dithabeng tse haufi le Albania. Ha re se re le haufi le bodara, re ile ra iphumana re se re dikadikeditswe ke masole a Magerike. Marabele ana a ile a tshoha yaba a a baleha. Ke ile ka ipata ka mora sefate se weleng, e leng moo ke ileng ka foswa ke dikulo jwalo kaha ke boletse qalong.

Eitse ha ke bolella masole a mmuso hore ke ne ke tshwerwe ke makomonisi, a ile a nkisa kampong ya masole e haufi le Véroia, e leng motse o neng o bitswa Berea mehleng ya Bibele. Ha ke le moo, ke ile ka laelwa hore ke tjheke diforo tseo masole a neng a tla ipatela ba direng ho tsona. Ha ke hana, molaodi wa sesole o ile a nkisa sehlekehlekeng se tshabehang le se kotsi sa Makrónisos (Makronisi).

SEHLEKEHLEKE SE TSHOSANG

Makrónisos ke sehlekehleke se senang metsi, seo letsatsi la sona le bataolang ha bohloko mme se lebopong la Attica le ka bang bohole ba dikhilomithara tse 50 ho tloha Athene. Sehlekehleke sena se botelele ba dikhilomithara tse 13 feela le bophara ba dimithara tse 500. Ho ntse ho le jwalo, ho tloha ka 1947 ho ya ho 1958, ho ile ha e ba le batshwaruwa ba fetang 100 000 sehlekehlekeng sena, ba neng ba akarelletsa makomonisi le bao ba neng ba belaellwa hore ke ona, bao e neng e le ba hanyetsang mmuso esita le sehlopha se seholo sa Dipaki Tsa Jehova tse tshepahalang.

Ha ke fihla maqalong a selemo sa 1949, batshwaruwa ba ne ba arotswe ka dikampo tse mmalwa. Ke ile ka behwa kampong ya batshwaruwa ba seng kotsi e neng e na le banna ba makgolo a seng makae. Re ne re robala fatshe ka hara tente e neng e etseditswe ho robala batho ba 10 empa re ka ba 40 ka palo! Re ne re nwa metsi a nkgang hampe mme boholo ba nako re ja brinjal le dierekisi. Ho ne ho dula ho le lerole ebile ho le moya, e leng se neng se etsa hore bophelo bo be bosula. Empa bonyane re ne re sa tshwane le batshwaruwa ba bang bao e neng e le sono ka bona. Ba ne ba thota majwe ba ya hodimo le tlase ba sa phomole, ba phela ka thata mme seo se ba thefula mmeleng le maikutlong.

Ke na le Dipaki tse ding tseo re neng re tshwerwe le tsona sehlekehlekeng sa Makrónisos

Ka tsatsi le leng ha ke ntse ke itsamaela lebopong la lewatle, ke ile ka kopana le Dipaki tse neng di tswa dikampong tse ding. Re ile ra thaba hona hoo ha re kopana! Re ne re kopana ha ho kgoneha empa re sa etse hore re bonwe. Re ne re bile re pakela batshwaruwa ba bang ka lenyele mme ba bang e ile ya e ba Dipaki Tsa Jehova. Ho kopana ha rona, ho pakela ba bang le ho rapela ho tloha botebong ba pelo ho ile ha re thusa hore re dule re tsitsitse tumelong.

BOHLOKO BO OTLANG PELO

Kamora dikgwedi tse leshome ke le sehlekehlekeng seo, batshwari ba ka ba ile ba re e ne e se e le nako ya hore ke apare yunifomo ya sesole. Eitse ha ke hana, ba nkisa ho molaodi wa kampo. Ke ile ka mo fa pampiri eo ke ngotseng tjena ho yona: “Ke batla ho ba lesole la Kreste feela.” Kamora ho leka ho ntshosa, molaodi eo o ile a nkisa ho motlatsi wa hae. E ne e le mobishopo ya ka sehloohong wa Mogerike wa kereke ya Orthodox mme o ne a apere seaparo sa bodumedi. Ke ile ka mo araba ka sebete ke sebedisa Mangolo mme sena se ile sa mo halefisa haholo, hoo a ileng a re: “Tlosang nthwena mona. E manganga!”

Hoseng ha letsatsi le latelang, masole a ile a leka ho nqobella hore ke apare yunifomo ya sesole hape. Ha ke hana, a ile a nkotla ka difeisi le ka molamu. Ba ile ba nkisa kampong e le hore ba bone hore na ha ke a robeha masapo, yaba ba nkgutlisetsa tenteng hape. Ho nkile kgwedi tse pedi sena se ntse se etsahala.

Kaha ke ne ke ikemiseditse ho ema ke tiile tumelong ya ka, masole ana a neng a kgathetse matla, a ile a leka mokgwa o mong. A ile a ntlama matsoho ka morao, yaba a nkotla tlasa maoto ka sehloho a sebedisa diropo. Ha ke ntse ke opelwa jwalo, ke ile ka hopola mantswe a Jesu ha a re: “Ho thaba lona ha batho ba le nyedisa mme ba le hlorisa. . . Thabang mme le tlole ke thabo, kaha moputso wa lona o moholo mahodimong; etswe ba ile ba hlorisa baprofeta ka tsela eo pele ho lona.” (Mat. 5:11, 12) Qetellong, kamora nako e telele ke mamelletse bohloko, ke ile ka akgeha.

Ha ke re phapha! ke ile ka iphumana ke se ke le ka seleng e batang po! Ho ne ho se na dijo, metsi esita le kobo feela. Ho ntse ho le jwalo, ke ne ke ntse ke kgobile matshwafo, ke e na le tshepo. Jwalo kaha Bibele e ile ya tshepisa, “kgotso ya Modimo” e ile ya ‘lebela pelo ya ka le monahano’ wa ka. (Bafil. 4:7.) Ka le hlahlamang, lesole le leng le mosa le ile la mpha bohobe, metsi le jase. Lesole le leng lona le ile la mpha dijo tsa lona. Ka tsela eo le tse ding, ke ile ka bona letsoho la Jehova le mohau wa hae.

Ba boholong pusong ba ne ba bona ke le lerabele le ke keng la fetoha yaba ba nkisa Athene lekgotleng la sesole. Ke moo ke ileng ka ahlolelwa teng ho qeta dilemo tse tharo teronkong e sehlekehlekeng sa Yíaros (Gyaros), se bohole ba dikhilomithara tse ka bang 50 ka botjhabela ba Makrónisos.

“RE A TSEBA HORE LE A TSEHEPAHALA”

Teronko ya Yíaros e ne e ahuwe ka setene se thata se sekgubedu mme e na le batshwaruwa ba dipolotiki ba fetang 5 000. Re ne re tshwerwe re le Dipaki Tsa Jehova tse supileng ka lebaka la ho hana ho kenella ntweng. Re ne re kopana ka lekunutu e le hore re ka ithuta Bibele, le hoja seo e ne e le tlolo ya molao. Re ne re bile re fumana dimakasine tsa Tora ya ho Lebela ka lenyele, mme re ne re di kopitsa ka letsoho ebe re ithuta tsona dibokeng tsa rona.

Ka le leng ha re ntse re ithuta, molebedi wa teronko o ile a re thoso! yaba o re amoha dingolwa tsa rona. Re ile ra iswa ofising ya motlatsi wa mohlokomedi wa teronko, re lebelletse hore re tlo ekelletswa dilemo. Ho fapana le hoo, monna eo o ile a re: “Re a le tseba mme re hlompha tumelo ya lona. Re a tseba hore le a tshepahala. Kgutlelang mosebetsing.” O ile a fa ba bang ba rona mesebetsi e bobebe. Re ile ra tlola ke thabo. Esita le ha re ne re le teronkong, re ile ra tlotlisa Jehova ka ho dula re tshepahala.

Ho na le ditlhohonolofatso tse ngata tseo re ileng ra di fumana ka baka la ho dula re tsitsitse tumelong. Kamora ho elellwa hore re itshwere hantle, motshwaruwa e mong eo e neng e bile e le moprofesa wa mathematics, o ile a re botsa dipotso ka seo re se dumelang. Eitse ha rona Dipaki re lokollwa ka selemo sa 1951, le yena ke ha a lokollwa. Nakwana kamora moo, o ile a kolobetswa yaba eba pulamadiboho wa kamehla.

KE NTSE KE LE LESOLE

Ke na le mosadi wa ka Janette

Ke ile ka kgutlela heso Karítsa ha ke qeta ho lokollwa. Boholo ba baahi re ile ra fallela motseng wa Melbourne, Australia. Ke moo ke ileng ka kopana teng le moradiwabo rona e mong ya kgothetseng ya bitswang Janette. Hamorao re ile ra nyalana mme ra ba le mora le baradi ba bararo, bao re ileng ra ba hodisa hantle hore ba rate Modimo.

Hona jwale, ke se ke le dilemo tse ka hodimo ho 90. Ke ntse ke tjheseha mme ke sebeletsa jwalo ka moholo ka phuthehong. Ka nako tse ding, mmele wa ka o na le ho ba bohloko mme le maoto a na le ho opa, haholoholo ha ke tswa tshimong. Leha ho le jwalo, ke ikemiseditse ho feta leha e le neng pele ho ba “lesole . . . la Kreste.”—2 Tim. 2:3.