Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Dipotso Tse Tswang ho Babadi

Ke hobaneng ha 2 Samuele 21:​7-9 e re Davida o ile a bontsha Mefiboshethe ‘qenehelo’ empa a ile a fana ka Mefiboshethe hore a bolawe?

Batho ba sa kang ba bala tlaleho ena ka kelohloko ba botsa potso eo. Empa ho ya ka ditemana tsena, ho ne ho ena le bo Mefiboshethe ba babedi mme ho na le hoo re ka ithutang hona ka ho hlahloba se ileng sa etsahala.

Morena Saule wa Iseraele o ne a ena le bara ba supileng le baradi ba babedi. Mora wa Saule wa letsibolo e ne e le Jonathane. Ha morao serethe sa Morena Saule e leng Rizpa se ile sa mo tswalla mora eo lebitso la hae e neng e le Mefiboshethe. Ho thahasellisang ke hore Jonathane le yena o ne a ena le mora ya bitswang Mefiboshethe. Ka hoo, Morena Saule o ne a ena le mora le setloholo bao ka bobedi e neng e le bo Mefiboshethe.

Ho na le nako eo Morena Saule a ileng a hloya Bagibeone mme a leka ho ba bolaya kaofela. Ho bonahala ba bangata ba ile ba bolawa. Ho etsa jwalo ho ne ho fosahetse. Hobaneng? Hobane mehleng ya Joshua, marenana a Iseraele a ne a ile a etsa selekane sa kgotso le Bagibeone.​—Josh. 9:​3-27.

Selekane seo se ne se ntse se sebetsa le mehleng ya Morena Saule. Empa morena o ile a tswa selekane seo tlase mme o ile a leka ho fedisa Bagibeone. Ka lebaka leo, ho ile ha qetella “ho na le molato wa madi ho Saule le ho ntlo ya hae.” (2 Sam. 21:1) Ha morao Davida e ile ya eba morena. Bagibeone ba sa kang ba bolawa ba ile ba bua le yena ka phoso eo e kgolo. Davida o ile a botsa Bagibeone hore na ho etsweng ho kwahela sebe seo Saule a ileng a se etsa e le hore Jehova a ka hlohonolofatsa setjhaba. Ho ena le ho kopa tjhelete, Bagibeone ba ile ba kopa ho fuwa bara ba supileng ba monna ya ileng a ‘rera ho ba timetsa’ e le hore ba ba bolaye. (Num. 35:​30, 31) Davida o ile a amohela kopo ya bona.​—2 Sam. 21:​2-6.

Ka nako eo, Saule le Jonathane ba ne ba bolaetswe ntweng. Empa mora wa Jonathane e leng Mefiboshethe o ne a ntse a phela. O ile a holofala a sa le monyane ka lebaka la kotsi e ileng ya mo hlahela mme ha a ka a kenella ha ntate moholo wa hae a ne a hlasela Bagibeone. Davida o ne a ile a etsa selekane le Jonathane mme se ne se tla tswela bana ba Jonathane molemo, ho akareletsa le mora wa hae Mefiboshethe. (1 Sam. 18:1; 20:​42) Tlaleho ya Bibele e re: “Morena [Davida] a qenehela Mefiboshethe mora wa Jonathane mora wa Saule ka lebaka la kano ya Jehova e neng e le pakeng tsa bona.”​—2 Sam. 21:7.

Ho ntse ho le jwalo, Davida o ile a fa Bagibeone seo ba neng ba se kopile. O ile a ba fa bara ba babedi ba Saule mme e mong wa bona o ne a bitswa Mefiboshethe, a ba a ba fa le ditloholo tse hlano tsa Saule. (2 Sam. 21:​8, 9) Ketso eo ya Davida e ile ya fedisa molato wa madi setjhabeng.

Tlaleho ena ha se pale feela tjena. Molao wa Jehova o ne o hlakile. O ne o re: “Bana ha ba a lokela ho bolawa ka lebaka la bontate.” (Deut. 24:​16) Jehova o ne a ke ke a dumella hore ditloholo tse hlano tsa Saule le bara ba hae ba babedi ba bolawe haeba ba ne ba se na molato. Molao oo o ile wa tswela pele ho re: “E mong le e mong a bolaelwe sebe sa hae.” Ho bonahala eka ditloholo tsa Saule le bara ba hae ba ileng ba bolawa, ba ne ba kentse letsoho ha Saule a leka ho fedisa Bagibeone. Ka lebaka leo, ba ile ba bolaelwa phoso ya bona.

Tlaleho ena e bontsha hore motho a ke ke a re ha a na molato haeba a entse ntho e mpe hobane feela a re o ne a latela ditaelo tseo a di fuweng. Ho na le maele a reng: “Batalatsa tsela ya leoto la hao, mme e se eka ditsela tsohle tsa hao di ka tiiswa ka thata.”​—Liprov. 4:​24-27; Baef. 5:15.