TORA YA HO LEBELA—E ITHUTWANG November 2019

Makasine ena e na le dihlooho tse tla ithutwa ho tloha ka la 30 December 2019–la 2 February 2020.

Eba le Setswalle se Matla Pele Bofelo bo Fihla

Re tla ithuta ho hongata ho se ileng sa etsahalla Jeremia, eo metswalle ya hae e ileng ya mo thusa hore a pholohe pele Jerusalema e timetswa.

Moya o Halalelang o re Thusa Jwang?

Moya o halalelalng wa Modimo o re thusa hore re mamelle. E le hore re rue molemo o felletseng ho ona, ho na dintho tse 4 tseo re tlamehang ho di etsa.

Na o Hlokomela “Thebe [ya Hao] e Kgolo ya Tumelo”?

Tumelo ya rona e tshwana le thebe e re sireletsang. Keng eo re ka e etsang e le hore thebe ya rona ya tumelo e be boemong bo hantle?

Lengolo la Levitike le re Rutang?

Lengolo la Levitike le na le melao eo Jehova a neng a e file Iseraele ya boholoholo. Le ha ho le jwalo ka ha re Bakreste, ha ho hlokahale hore re mamele melao eo empa e ntse e ka re thusa le kajeno.

‘O Phethe Seo o se Qadileng’

Le hoja re entse qeto e nepahetseng, ho ka ba thata hore re phethe seo re se qadileng. Nahana ka mehlala e ka o thusang hore o phethe seo o se qadileng.

Na o ne o Tseba?

Ke mosebetsi ofe oo motsamaisi wa mehleng ya Bibele a neng a o etsa?