Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 46

Re a o Leboha, Jehova

Re a o Leboha, Jehova

(1 Bathesalonika 5:18)

  1. 1. Re’a leboha Jah, Modimo wa rona,

    Ka kganya ya hao e re thusitseng.

    Re’a leboha hape le ka tokelo,

    Eo re nang le yona ya thapelo.

  2. 2. Re’a leboha ka Mor’a hao ya ratwang,

    Ya hlotseng lefatshe ka tumelo.

    Re’a leboha ha o re tataisa,

    Hore re phethe kano tsa rona.

  3. 3. Re’a o leboha ka tokelo ena

    Ya ho phatlalatsa nnete ya hao.

    Re’a leboha ha o se o tla tlisa,

    Mahl’onolo a fatshe le letjha.