Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PINA YA 69

Tswelang Pele le Bolela ka Mmuso!

Tswelang Pele le Bolela ka Mmuso!

(2 Timothea 4:5)

  1. 1. Bolelang Mmuso wa Modimo

    Bathong ba tjhaba tsohle.

    Ka rato la boahelani,

    Re thuse ba bonolo.

    Tshebetso ena ke tokelo;

    Re phatlalatse ’ntswe la hae.

    E yang tshimong mme le bolele

    Le pake lebitso la Jah.

    (CHORUS)

    Tswelang pele le bolela Mmuso

    ’fatsheng kaofela.

    Tswelang pele, tshepehang kamehla

    hlakoreng la Jah.

  2. 2. Re tla tswela pele hammoho,

    Masala le nku tse ding.

    Ba batjha, basadi le banna

    Ba eme mmoho nneteng.

    Taba tsa Mmuso o tlang wa Jah

    Di tsebiswe batho bohle.

    Ke Jehova ya re fang matla

    Kahoo le se tshabe letho!

    (CHORUS)

    Tswelang pele le bolela Mmuso

    ’fatsheng kaofela.

    Tswelang pele, tshepehang kamehla

    hlakoreng la Jah.