Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

EBA MAFOLOFOLO MOSEBETSING WA BOBOLEDI | EKETSA THABO YA HAO BOBOLEDING

Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Hore a Kgaotse Mekgwa e Mebe

Thusa Motho eo o Ithutang Bibele le Yena Hore a Kgaotse Mekgwa e Mebe

Batho ba mamelang melao ya Jehova ke bona feela bao e ka bang metswalle ya hae. (1Pe 1:14-16) Ha batho bao re ithutang Bibele le bona ba tlohela mekgwa ya bona e mebe, seo se tla ba thusa hore ba phele hantle mmeleng, ba sebedise tjhelete hantle le ho ba be le malapa a thabileng.

Hlalosa melao ya Jehova ya boitshwaro ka ho hlakileng, o bontshe hore na ke hobaneng ha ho le bohlokwa hore re e mamele le hore na ke hobaneng ha Jehova a re file yona. Ba thuse hore ba fetole tsela eo ba nahanang ka yona mme seo se tla ba thusa hore ba etse seo Jehova a batlang hore ba se etse. (Ef 4:22-24) Ba kgodise hore ba ka kgona ho kgaotsa mekgwa e mebe ka thuso ya Jehova. (Fil 4:13) Ba rute hore ha ba lekeha ho etsa sebe ba lokela ho rapela Jehova ka tiyo. Ba thuse hore ba hlokomele maemo a ka etsang hore ba etse se fosahetseng le hore ba a qobe. Ba kgothalletse ho etsa dintho tse tla ba tswela molemo ho e na le ho etsa dintho tse fosahetseng. O tla thaba haholo ha o bona motho eo o ithutang Bibele le yena a etsa diphetoho ka lebaka la thuso ya Jehova.

SHEBELLANG VIDEO YA THUSA MOTHO EO O ITHUTANG BIBELE LE YENA HORE A KGAOTSE MEKGWA E MEBE EBE LE ARABA DIPOTSO TSE LATELANG:

  • Baholo le Nteboheleng ba ile ba bontsha jwang hore ba tshepa Dipontsho?

  • Nteboheleng o ile a boela a thusa Dipontsho jwang?

  • Dipontsho o ile a batla thuso ya Jehova jwang?