Fetela boitsebisong

Liboka Tsa Phutheho Tsa Lipaki Tsa Jehova

Ithute ka liboka tsa rōna. Fumana moo liboka li tšoareloang teng haufi le moo u lulang.

Fumana Sebaka se Haufi le Uena (opens new window)

Re Etsa’ng Libokeng Tsa Rōna?

Lipaki Tsa Jehova li ba le liboka moo li rapelang teng habeli ka beke. (Baheberu 10:24, 25) Libokeng tsena, tseo mang kapa mang a ka eang ho tsona, re ithuta seo Bibele e se buang le kamoo re ka sebelisang lithuto tsa eona kateng bophelong ba rōna.

Boholo ba liboka tsa rōna ho na le moo bamameli ba hlalosang teng, feela joaloka baithuti ha ba le ka tlelaseng. Liboka li qala li be li phethoe ka pina le thapelo.

U ka tla libokeng tsa rōna leha u se Paki ea Jehova. E mong le e mong oa amoheloa. Ho kenoa mahala. Ha ho tsamaisoe sekotlolo sa koleke.