Feta

Moya ke Eng?

Moya ke Eng?

Karabo ya Bibele

 Ka Bibeleng lentswe “moya” ke phetolelo ya lentswe la Seheberu, neʹphesh le ya Segerike, psy·kgeʹ. Lentswe la Seheberu le bolela “Sebopuwa se hemang” mme la Segerike le bolela “ntho e phelang.”  a Ka hoo, moya ke sebopuwa, eseng ntho e ka hare ho sona e pholohang ha mmele o shwa. Hlokomela ka moo Bibele e bontshang ka teng hore moya wa motho ke motho ka boyena:

Adama ha aa ka a fuwa moya​—e ile “ya eba moya o phelang”

  •   Ha Jehova Modimo a ne a bopa motho wa pele, e leng Adama, Bibele e re ‘motho e ile ya eba moya o phelang.’ (Genese 2:7, Bibele ya Sesotho) Adama ha aa ka a fuwa moya​—e ile ya eba moya o phelang, kapa motho.

  •   Bibele e re moya o ka sebetsa, wa lakatsa dijo, wa ja, wa mamela melao le ho tshwara setopo. (Levitike 5:2; 7:20; 23:30; Deuteronoma 12:20; Baroma 13:1) Dintho tseo tsohle di ka etswa ke motho.

Na moya o wa shwa?

 E, moya o wa shwa. Ditemana tse ngata tsa Bibele di re moya o wa shwa. Mehlala e seng mekae ke ena:

  •   “Moya o etsang sebe ke wona o tla shwa.”​—Ezekiele 18:4, 20, Bibele ya Sesotho.

  •   Iseraele ya boholoholo, kotlo ya sebe se seholo e ne e le hore “moya o kgaolwe.” (Exoda 12:15, 19; Levitike 7:20, 21, 27; 19:8, King James Version) Motho ya entseng sebe seo o ne a “bolawa.”​—Exoda 31:14, King James Version.

  •   Ditemana tse ding tsa Bibele di sebedisa lentswe ‘moya o shweleng’ ha di bua ka setopo sa motho. (Levitike 21:11; Numere 6:6) Le hoja diphetolelo tse ngata tsa Bibele di sebedisa mantswe a reng “mmele o shweleng” kapa “motho ya shweleng” ditemaneng tseo, Seheberu se sebedisa lentswe neʹphesh, kapa “moya.”

“Moya” o bolela “bophelo”

 Ka Bibeleng, lentswe “moya” le boetse le bolela “bophelo.” Ka mohlala, Jobo 33:22 e sebedisa lentswe la Seheberu “moya” (neʹphesh) ha e bua ka “bophelo.” Ka ho tshwanang, Bibele e bontsha hore moya wa motho kapa bophelo, bo ka ba kotsing kapa ba lahleha.​—Exoda 4:19; Baahlodi 9:17; Bafilipi 2:30.

 Tsela eo lentswe “moya” le sebediswang ka yona, e re thusa ho utlwisisa ditemana tseo ho tsona ho thweng moya “o wa tswa.” (Genese 35:18; King James Version) Mokgabo puo ona o bontsha hore bophelo ba motho bo a fela. Diphetolelo tse ding di hlalosa polelo ena e ho Genese 35:18 ka ho re, “o ile a phefumoloha la ho qetela.”​—Good News Translation; New Jerusalem Bible.

Tumelo ya hore moya ha o shwe e tswa hokae?

 Madumedi a Bokreste a dumelang hore moya ha o shwe, ha aa nka tumelo ena ka Bibeleng empa a e nkile filosofing ya boholoholo ya Bagerike. Encyclopædia Britannica e re: “Ha Bibele e bua ka moya e re o amana le ho hema mme ha e bontshe ho na le phapang pakeng tsa moya le mmele. Maikutlo a Bakreste a hore ho na le phapang e kgolo pakeng tsa moya le mmele, a tswa ho Bagerike ba boholoholo.”

 Modimo ha a dumelle hore dithuto tsa hae di kopanngwe le difilosofi tsa batho, tse kang ho dumela hore moya ha o shwe. Ho e na le hoo, Bibele e ya lemosa: ‘Hlokomelang hore ho se ke ha eba le e mong ya tla le nka jwalo ka phofu ya hae ka filosofi le thetso ya lefeela ho ya ka neano ya batho.’​—Bakolose 2:8; Bibele​—Phetolelo e Ntjha.

a Sheba The New Brown, Driver, and Briggs Hebrew and English Lexicon of the Old Testament, leqepheng la 659 le Lexicon in Veteris Testamenti Libros, leqepheng la 627. Diphetolelo tse ngata tsa Bibele di sebedisa lentswe neʹphesh le psy·kheʹ ka ditsela tse fapaneng ho latela moelelo wa taba, di sebedisa mantswe a kang “moya,” “bophelo,” “motho,” “sebopuwa,” kapa “mmele.”