Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 Litšoantšo Tsa Khale

Plato

Plato

Plato (c. 427-347 B.C.E.) e ne e le rafilosofi oa mohetene oa Mogerike. O ile a hlahela Athene lelapeng le ruileng ’me a fumana thuto e phahameng e neng e tla etsa hore a atlehe haholo joaloka mocha oa Mogerike. O ile a susumetsoa haholo ke rafilosofi ea tummeng ea bitsoang Socrates le ke balateli ba Pythagoras, eo e neng e le rafilosofi le setsebi sa thuto ea lipalo.

KA MOR’A hore Plato a tsamaee libakeng tse potolohileng leoatle la Mediterranean le ho kenella lipolotiking tsa Syrakuse, e leng motse oa Bagerike o Sicily, o ile a khutlela Athene moo a ileng a theha sekolo sa filosofi le saense se bitsoang Academy. Sekolo sena seo hangata batho ba reng ke univesithi ea pele ea Europe, se ile sa fetoha setsi sa liphuputso sa thuto ea lipalo le filosofi.

KE HOBANE’NG HA U LOKELA HO TSEBA KA PLATO?

Lithuto tsa Plato li bile le tšusumetso e khōlō litumelong tsa bolumeli tsa batho ba limilione, ho akarelletsa le batho ba ipolelang hore ke Bakreste, bao boholo ba bona ka ho se tsebe ba lumelang hore li thehiloe Bibeleng. Thuto ea Plato e hlaheletseng ka ho fetisisa ke ea hore batho ba na le moea o sa shoeng o pholohang ha ’mele o e-shoa.

“Thuto ea ho se shoe ha moea ke e ’ngoe ea lihlooho tseo Plato a neng a li rata haholo.”—Body and Soul in Ancient Philosophy

Plato o ne a rata haholo thuto ea bophelo ka mor’a lefu. Buka e bitsoang Body and Soul in Ancient Philosophy e re, “thuto ea ho se shoe ha moea ke e ’ngoe ea lihlooho tseo Plato a neng a li rata haholo.” O ne a kholisehile ka tieo hore “moea oa motho o lula o phela ha ’mele o e-shoa, e le hore o ka ahloloa kapa oa putsoa ka ho loketseng” ho latela hore na motho eo o ne a phela joang ha a sa le lefatšeng. *

 LITHUTO TSA PLATO LI ILE TSA NAMA JOANG?

Sekolo sa Plato sa Academy se bile le tšusumetso e khōlō lilemong tse makholo a robong tseo se sebelitseng ka tsona, e leng ho tloha ka 387 B.C.E. ho ea ho 529 C.E. Likhopolo tsa Plato li ile tsa tsebahala haholo linaheng tse neng li laoloa ke Greece le Roma. Rafilosofi oa Mojuda Philo oa Alexandria, o ile a amohela lithuto tsa Plato joaloka baeta-pele ba bangata ba bolumeli ba neng ba ipolela hore ke Bakreste. Ka lebaka lena, butle-butle likhopolo tsa filosofi tsa bohetene ho akarelletsa le thuto ea ho se shoe ha moea, li ile tsa fetoha karolo ea lithuto tsa Sejuda le tsa Bokreste.

Buka ea The Anchor Bible Dictionary e re: “Ka tekanyo e itseng thuto eohle ea bolumeli ba Bokreste e itšetlehile ka filosofi ea Bagerike haholo-holo ka likhopolo tsa Plato, empa tse ling tsa litsebi tsa Bokreste . . . ke Bakreste ba amohetseng likhopolo tsa Plato.” Bapisa seo mehloli e latelang ea boitsebiso e se buang.

Seo Plato a se buileng: “[Lefung,] ntho e ka hare ho rōna eo re e bitsang moea o sa shoeng, ea tloha e ea moo melimo e meng e leng teng, moo . . . e tla ikarabella,—e leng ntho eo ba lokileng ba tla tobana le eona ka sebete, empa ba khopo bona ba tla tlala tšabo e khōlō.”—Plato—Laws, Book XII.

Seo Bibele e se buang: Moea ke motho ka boeena kapa bophelo ba hae. Le liphoofolo ke meea. Lefung, moea o khaotsa ho ba teng. * Nahana ka mangolo a latelang:

  • “Motho oa pele Adama e ile ea e-ba moea o phelang.”—1 Bakorinthe 15:45.
  • “Molimo a tsoela pele ho re: ‘Lefatše le ke le hlahise meea e phelang ho ea ka mefuta ea eona, phoofolo e ruuoang le phoofolo e hahabang le sebata sa lefatše.’”—Genese 1:24.
  • “Moea oa ka o ke o shoe.”—Numere 23:10.
  • “Moea o etsang sebe—ke oona o tla shoa.”—Ezekiele 18:4.

Ka ho hlakileng, Bibele ha e rute hore moea o pholoha lefu ha ’mele o e-shoa. Kahoo ipotse, ‘Na lintho tseo ke li lumelang li thehiloe Bibeleng kapa filosofing ea Plato?’

^ ser. 7 Le hoja Plato a ile a tumisa khopolo ea ho se shoe ha moea, e ne e se eena oa pele oa ho e lumela. Khopolo ena ke khale e le karolo ea lithuto tsa bolumeli ba bohetene ho akarelletsa le ba Egepeta le Babylona le hoja e ne e rutoa ka litsela tse fapaneng.

^ ser. 12 Bibele e ruta hore bafu ba robetse ka tsela ea tšoantšetso, ’me ba emetse tsoho. (Moeklesia 9:5; Johanne 11:11-14; Liketso 24:15) Ka lehlakoreng le leng, moea ona oo ho thoeng ha o shoe o lula o phela ’me o ke ke oa hloka tsoho.