Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

KGAOLO YA 26

Ke Hobaneng ha re Hlahelwa ke Mathata?

Ke Hobaneng ha re Hlahelwa ke Mathata?

Hangata ha re hlahelwa ke dintho tse bohloko re a ipotsa hore na ke hobaneng ha di re hlahela. Re a thaba hore ebe Bibele e araba potso ena.

1. Satane o entseng e le hore ho be le dintho tse mpe lefatsheng?

Satane Diabolose o ile a fetohela Modimo. Satane o ne a batla ho busa batho, ka hoo o ile a etsa hore batho ba pele e leng Adama le Eva le bona ba fetohele Modimo. O ile etsa sena ka hore a thetse Eva. (Genese 3:1-5) Satane o ile a etsa hore Eva a nahane hore ho na le ntho e molemo eo Jehova a sa batleng ho mo fa yona le hore batho ba ne ba tla thaba haeba ba sa mamele Modimo. Satane ke yena motho wa pele ya ileng a bua leshano ha a ne a re Eva o ne a ke ke a shwa. Ke ka hoo Bibele e reng Satane “o leshano mme ke ntate wa leshano.”​—Johanne 8:44.

2. Adama le Eva ba ile ba kgetha ho etsang?

Jehova o ne a file Adama le Eva ntho e nngwe le e nngwe. O ile a re ba ka ja ditholwana tsa difate tsohle tse neng di le serapeng sa Edene ntle le ditholwana tsa sefate se le seng. (Genese 2:15-17) Empa ba ile ba kgetha ho ja ditholwana tsa sefate sona seo. Eva o ile “a qala ho kga tholwana mme a e ja.” Ha morao Adama le yena “a qala ho e ja.” (Genese 3:6) Ka bobedi ha ba a ka ba mamela Modimo. Ka ha Adama le Eva ba ne ba se na sebe, ho ne ho se thata hore ba etse se nepahetseng. Empa ba ile ba kgetha ho se mamele Modimo, ba etsa sebe mme ba bontsha hore ha ba batle ho buswa ke Modimo. Qeto eo ba ileng ba e etsa e ile ya ba bakela mathata a mangata.​—Genese 3:16-19.

3. Qeto ya Adama le Eva e re baketse mathata afe?

Ka mora hore Adama le Eva ba etse sebe, e ile ya ba baetsadibe mme bana bohle ba bona ba hlaha e le baetsadibe. Ha Bibele e bua ka Adama e re: “Sebe se ile sa kena lefatsheng ka motho a le mong le lefu la kena ka sebe mme ka hoo lefu la namela ho batho bohle.”​—Baroma 5:12.

Ho na le dintho tse fapaneng tse etsang hore re hlahelwe ke mathata. Ka dinako tse ding re hlahelwa ke mathata ka lebaka la diqeto tse fosahetseng tseo re di etsang. Maemong a mang re hlahelwa ke mathata ka lebaka la diqeto tse fosahetseng tseo batho ba bang ba di etsang. Ka dinako tse ding re hlahelwa ke mathata ho­bane re le sebakeng se fosahetseng ka nako e fosahetseng.​—Bala Moeklesia 9:11.

ITHUTE DINTLHA TSE DING

Hlokomela hore na ke hobaneng ha re re ha se Modimo ya bakang mathata le dintho tse mpe tse etsahalang lefatsheng le hore na o ikutlwa jwang ha re hlahelwa ke mathata.

4. Ke mang ya re bakelang mathata?

Batho ba bangata ba nahana hore ke Modimo ya busang lefatshe lohle. Empa na seo ke nnete? Bapala VIDEO.

Bala Jakobo 1:13 le 1 Johanne 5:19 ebe le bui­sana ka potso ena:

  • Na Modimo ke yena ya re bakelang mathata le dintho tse bohloko?

5. Ke mathata afe a bakilweng ke puso ya Satane?

Bala Genese 3:1-6 ebe le buisana ka dipotso tse latelang:

  • Satane o buile leshano lefe? (Sheba temana ya 4 le 5.)

  • Ke jwang Satane a ileng a etsa hore batho ba nahane hore ho na le ntho e molemo eo Jehova a sa batleng ho ba fa yona?

  • Ho latela seo Satane a se buileng, na batho ba hloka hore Jehova a ba buse e le hore ba thabe?

Bala Moeklesia 8:9 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ka ha ha se Jehova ya busang lefatshe, ho etsahalang lefatsheng hona jwale?

  1. Adama le Eva ba ne ba phethahetse mme ba dula Paradeiseng. Empa ba ile ba mamela Satane eseng Jehova

  2. Ka mora hore ba fetohele Modimo, ho ile ha ba le sebe, mathata le lefu lefatsheng

  3. Jehova o tla fedisa sebe, mathata le lefu. Batho ba tla boela ba phethahale mme ba phele Paradeiseng

6. Jehova o utlwa bohloko ha re hlahelwa ke mathata

Modimo o ikutlwa jwang ha re hlahelwa ke mathata? Hlokomela hore na Morena Davida le moapostola Petrose ba ile ba reng ka sena. Bala Pesaleme ya 31:7 le 1 Petrose 5:7 ebe le buisana ka potso ena:

  • Taba ya hore Jehova o a bona ha re hlahelwa ke mathata ebile o re utlwela bohloko, e etsa hore o ikutlwe jwang?

7. Modimo o tla fedisa mathata ohle a hlahelang batho

Bala Esaia 65:17 le Tšenolo 21:3, 4 ebe le buisana ka potso ena:

  • Ke hobaneng ha e le ntho e kgothatsang ho tseba hore Jehova o tlo fedisa dintho tse bohloko tse hlahelang batho?

Na o ne o tseba?

Ha Satane a ne a bua leshano la pele, o ile a senya Jehova lebitso. O ile a etsa hore batho ba nahane hore Jehova ha a buse hantle ebile ha a na lerato. Haufinyane ha Jehova a fedisa mathata a hlahelang batho, o tla halaletsa lebitso la hae. Ka mantswe a mang, o tla bontsha hore ke yena ya lokelang ho busa batho. Ho halaletswa ha lebitso la Jehova ke yona ntho ya bo hlokwa ka ho fetisisa lehodimong le lefatsheng.​—Matheu 6:9, 10.

BATHO BA BANG BA RE: “Modimo o re leka ka mathata a re hlahelang.”

  • Wena o nahana jwang?

KAKARETSO

Satane Diabolose, Adama le Eva ke bona ba entseng hore ebe re na le mathata a mangata hakana. Jehova o utlwa bohloko ha re hlahelwa ke mathata mme haufinyane o tlo a fedisa.

Re Ithutileng?

  • Satane o ile a reng ha a thetsa Eva?

  • Ho se mamele ha Adama le Eva ho re baketse mathata afe?

  • Re tseba jwang hore Jehova o utlwa bohloko ha re hlahelwa ke mathata?

Seo o ka se Etsang

BATLA

Ithute hore na Bibele e re sebe ke eng.

“Sebe ke Eng?” (Sehlooho se websaeteng)

Bala hore na Satane Diabolose o ile a reng ka Modimo serapeng sa Edene.

“Ke Hobaneng ha Modimo a Dumella Mahlomola?” (Molula-Qhooa, January 1, 2014)

Shebella video ya ntate ya ileng a hola a bona dintho tse bohloko.

Ha ke sa le Mong (5:09)