Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Thomas Jackson/​Stone via Getty Images

DULANG LE FADIMEHILE!

Na o ka Fumana Tshepo Selemong sa 2024?​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

Na o ka Fumana Tshepo Selemong sa 2024?​—Bibele e Reng ka Taba Ee?

 Batho ba bangata ha ba na tshepo ya hore mathata ao lefatshe le tla tobana le wona a tla ba le tharollo ka 2024. Le ha ho le jwalo, re ntse re ka tshepa hore ho tla loka. Ebe re ka thuswa keng?

Bibele e re fa tshepo

 Bibele e re tshepisa hore Modimo o tla rarolla mathata a etsang hore re fellwe ke tshepo. Haufinyane Modimo “o tla hlakola meokgo yohle ya bona. Lefu ha le sa tla hlola le eba teng. Maswabi, ho bokolla kapa bohloko le tsona ha di sa tla hlola di eba teng.”​—Tshenolo 21:4.

Bibele e ka o thusa jwang hona jwale?

 E re fa tshepo ka bokamoso, tshepo eo e ka re thusa hore re se ke ra nyahama. (Baroma 15:13) Kaha keletso ya Bibele e molemo, e ka re thusa ho mamella mathata ao re nang le wona hona jwale a kang tlala, ho hloka toka le ho kula.

 Etsa hore 2024 e be selemo se monate ho wena le ba lelapa la hao. Ithute ka ho eketsehileng hore na Bibele e ka o thusa jwang. Re kopa hore o ithute Bibele le rona mahala. Ithute hore na Modimo a ka o “tlisetsa kgotso, . . . tshepo le bokamoso” jwang hona jwale.​—Jeremia 29:11.