Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Balatedi ba madumedi a hlahelletseng ba dumela hore ho na le moya o sa shweng

SEHLOOHO SE KA NTLE | BIBELE E RENG KA BOPHELO LE LEFU?

Maikutlo a sa Tshwaneng

Maikutlo a sa Tshwaneng

BATHO ba na le maikutlo a fapaneng mabapi le bophelo le lefu. Ba bang ba nahana hore ba tswela pele ba phela esita le ka mora lefu, mohlomong ka sebopeho se seng kapa sebakeng se seng. Ba bang ba nahana hore ba tlo tswalwa hape e se e le batho ba fapaneng. Ha e le ba bang bona, ba nahana hore lefu ke qetello ya dintho tsohle.

E ka nna yaba le wena o na le maikutlo a fapaneng tabeng ena, ho latela tsela eo o hodisitsweng ka yona kapa setso sa hao. Jwalo ka ha batho ba na le maikutlo a fapaneng hakana ka lefu, ebe re ka fumana dikarabo tse nepahetseng hokae?

Ka dilemo tse makgolo, baetapele ba bodumedi ba nnile ba ruta batho thuto ya hore moya wa motho ha o shwe. Balatedi ba madumedi a hlahelletseng haholo jwalo ka Bakreste, Mahindu, Majuda, Mamosleme le ba bang, ba dumela hore ho na le moya o sa shweng o phonyohang lefu ha motho a shwa mme ona o ilo phela lehodimong. Mabuddha ona, a dumela hore motho o tswalwa hangata. Jwale ba bontsha hore nakong eo, matla a ka hare ho motho eo, a ba boemong feela ba ho se be teng sebakeng se se nang lefu se ka nqane ho lefu se bitswang Nirvana.

Ka lebaka la dithuto tsena, batho ba bangata lefatsheng ba se ba dumela hore lefu le bula monyetla wa ho phela lefatsheng le leng. Ho batho ba bangata, lefu le bonahala e le ntho ya bohlokwa ho bona hoo ba reng ha motho a hlokahala ke thato ya Modimo. Empa Bibele yona e reng ka taba ena? Re kopa hore o ke o bale sehlooho se lateng. Karabo eo o tla e fumana e ka nna ya o makatsa.