Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Ditlhaku tse nne tsa Seheberu tse emelang lebitso la Modimo, Jehova, di balwa ho tloha ka letsohong le letona ho ya ka ho le letshehadi

Bopaki ba Hore Ditshepiso Tsohle Tsa Modimo di a Phethahala

Bopaki ba Hore Ditshepiso Tsohle Tsa Modimo di a Phethahala

Na re ka kgodiseha hore ditshepiso tsohle tsa Modimo di tla fela di phethahale? Jesu yena o ne a kgodisehile, mme o ile a ruta le batho hore le bona ba kgodisehe. Hlokomela papiso ena eo Jesu a ileng a fana ka yona Thutong ya hae ya Thabeng, e hlahang ho Matheu 5:18 e reng: “Etswe kannete ke re ho lona lehodimo le lefatshe di ne di tla feta kapele ho e na le hore ho hang tlhaku e le nngwe e nyenyane ka ho fetisisa e tlohe Molaong mme dintho tsohle di sa etsahale..”

Alfabete e nyenyane ka ho fetisisa ya Seheberu e leng י (yod), ke yona ya ho qala ho ditlhaku tse nne tsa Seheberu tse emelang lebitso la Modimo le ikgethang e leng Jehova. * Bangodi le Bafarisi ba ne ba nka “alfabete” e nngwe le e nngwe e na le bohlokwa bo tshwanang le ba mantswe le di alfabete tse molaong wa Modimo.

Jesu o ne a bolela hore lehodimo le lefatshe, di ne di ka feta haeba ho ka ba le ntho e ngotsweng Molaong e sa phethahaleng. Le ha ho le jwalo, Bibele e re tshepisa hore lehodimo le lefatshe di ke ke tsa senngwa le ka mohla. (Pesaleme ya 78:69) Ka mantswe a mang, sena se re bontsha hore ho ne ho se Molao le o le mong o neng o ke ke wa phethahala.

Na Jehova Modimo o nka dintho tsohle e le tsa bohlokwa? Ka sebele ho jwalo. Nka ka mohlala: Baiseraele ba ne bolelletswe hore ba se ke ba roba le ha e le lesapo le le leng la konyana ya Paseka. (Exoda 12:46) Mohlomong ba ne ba sa utlwisise lebaka leo ba neng ba sa lokela ho etsa sena ka lona. Empa Jehova Modimo o ne a nka ho etsa sena e le habohlokwa, ka ha o ne a tseba hore ke boprofeta ba hore ha Mesia a bolawa thupeng ya tlhokofatso, ha ho lesapo le ha e le lefe la hae le neng le tla rojwa.​—Pesaleme ya 34:20; Johanne 19:31-33.

Kahoo mantswe a ho Matheu a re fa kgodiseho e feletseng ya hore ditshepiso tsohle tsa Modimo di tla phethahala ho bata kapa ho tjhesa.

^ par. 3 Alfabete e nyenyane ka ho fetisisa ya Segerike e leng iota e tshwana hantle le alfabete ya Seheberu י (yod). Jwalo ka ha Molao oo Modimo a o fileng Moshe o ne o ngotswe ka Seheberu, ho ka nna ha etsahala hore ebe Jesu o ne a bua ka tlhaku ya Seheberu.