Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

TORA YA HO LEBELA No. 1 2018 | Na Ehlile Bibele e Tswile Fesheneng?

NA BIBELE E TSWILE FESHENENG?

Ka ha lefatshe la mehleng ena le buswa ke theknoloji, na Bibele ke buka ya kgale hoo e seng e sa sebetse hona jwale? Bibele e re:

“Lengolo lohle le buduletswe ke Modimo mme le molemo.”—2 Timothea 3:16.

Makasineng ena ya Tora ya ho Lebela, ho tshohlwa dintlha tse mmalwa tsa kamoo Bibele e ka re thusang kateng nthong e nngwe le e nngwe bophelong.

 

Na Keletso ya Bibele e ka re Tswela Molemo Kajeno?

Ba re motsotso le motsotso ba fumana boitsebiso bo bongata, ba boetse ba re, ke hobaneng ha re ka sebedisa buka ya kgale hakaale e nang le dilemo tse ka bang 2000 e le teng

Bibele e Fana ka Bohlale bo Sebetsang

Haesale ho tloha kgale, dithuto tsa bibele di le bohlokwa ebile melaomotheo ya teng e le e atlehang le e nakong.

E siilwe ke nako kapa e ntse e le nakong?

Bibele ha se buka ya saense, empa moo e buang ka saense e dumellana hoo o ka makalang mme o sale o itshwere hloohong.

1 Bibele e ka o Thusa ho Qoba Mathata

Nahanisisa ka moo bohlale ba Modimo bo thusitseng batho ka teng ho qoba mathata bophelong.

2 Bibele e ka o Thusa ho Rarolla Mathata

Bibele e fana ka bohlale e le hore re hlole mathata, a jwalo ka ho tshwenyeha ho tlola, ho dieha ho etsa dintho le ho jewa ke bodutu.

3 Bibele e ka o Thusa ho Mamella Mathata

Ho thweng ka mathata a sa qobeheng kapa a sa rarolleheng, jwalo ka bokudi bo sa foleng kapa lefu?

Bibele e re fa Tshepo ya Sebele ka Bokamoso

Lentswe la Modimo le ka re thusa ho sebetsana ka katleho le maemo ohle a letsatsi le letsatsi le mathata a ka re hlahelang. Le ha ho le jwalo, Bibele ha e felle moo. E boetse e fana ka lesedi ditabeng tsa bokamoso.

O Nahana Jwang ka Taba Ena?

Ela hloko seo batho ba bang ba se dumelang le seo Bibele e se rutang mabapi le potso.