Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

PUISANO | FAN YU

Setsebi sa Dikhompiyutha se Hlalosa Tumelo ya Sona

Setsebi sa Dikhompiyutha se Hlalosa Tumelo ya Sona

DR. FAN YU o ile a qala ho sebetsa e le setsebi sa mmetse mokgatlong wa dipatlisiso tsa saense o China, haufi le Beijing. Ka nako eo, o ne a sa dumele hore Modimo o teng ebile a nahana hore dintho di iketsahalletse feela. Empa hona jwale, o a dumela hore Modimo o teng le hore o bopile dintho tsohle. Bangodi ba makasine ena ya Fadimehang! ba ile ba buisana le yena.

Re bolelle hakgutshwanyane ka wena.

Ke hlahile ka selemo sa 1959 toropong ya Fuzhou e Profenseng ya Jiangxi, China. Ha ke le dilemo di 8, ho ile ha eba le meferefere ya dipolotiki naheng ya heso. Ka ha, Ntate waka e ne e le moenjiniere, o ile a laelwa hore a ilo sebetsa sebakeng se seng se hole. O ne a kgona ho re tjhakela ha nngwe feela ka selemo. Ka nako eo, mme waka e ne e le titjhere sekolong se seng sa poraemari mme re ne re dula moo. Ka 1970, re ile ra lokela ho ya motseng o mong o neng o futsanehile haholo wa Liufang profenseng ya Linchuan.

Lelapa leno le ne le dumela ho eng?

Ntate waka o ne a sa rate kereke le dipolotiki. Mme waka yena e ne e le Mobuddha. Ha ke le sekolong, ke ile ka rutwa hore bophelo bo itlhahetse feela tjena ka matla a sa tsebahaleng a tlhaho.

Keng e ileng ya etsa hore o rate mmetse?

Ke ne ke rata mmetse hobane o fana ka dikarabo tse utlwahalang tseo ho se nang motho ya ka di hanyetsang. Ka 1976 ha Mao Tse-tung, e leng moetapele wa meferefere e la ya dipolotiki a hlokahala, ke ile ka ya yunivesithi. Ke ne ke etsa mmetse e le ona o ka sehloohong. Kamora hore ke fumane lengolo le phahameng, ke ile ka sebetsa moo ho neng ho etswa dipatlisiso ka motjhini o neng o tla etsa motlakase le ho tsamaisa dikepe.

Keng e ileng ya etsa hore o batle ho Bala Bibele?

Ka 1987, ke ile ka tla United States e le hore ke ntshetse dithuto tsa ka pele Yunivesithing ya Texas A&M. Ke ne ke tseba hore mona America, batho ba bangata ba dumela ho Modimo ebile ba bala Bibele. Hape ke ile ka utlwa hore Bibele e na le dikeletso tse ngata yaba ke kgetha ho e bala.

Ke ile ka ithuta dintho tse ngata ka Bibeleng. Empa ho ne ho na le moo ke sa e utlwisiseng teng, ka lebaka leo, ka e tlohela.

Keng e ileng ya etsa hore o batle ho bala Bibele hape?

Ke ne ke qala ho utlwa hore ho na le Mmopi, kahoo ka etsa qeto ya ho iketsetsa dipatlisiso

Ka 1990, Paki e nngwe ya Jehova e ile ya nketela mme ya mpontsha hore na Bibele e re tshepisang ka bokamoso. E ile ya etsa tokisetso ya hore banyalani ba bang ba ntlhalosetse seo Bibele e se rutang. Hamorao mosadi wa ka Liping, eo e neng e le titjhere ya fisiks sekolong se phahameng, le yena o ile a ithuta Bibele. Re ile ra ithuta hore Modimo ke yena ya bopileng dintho tsohle. Ka ha ke ne ke qala ho utlwa hore ho na le Mmopi, ke ile ka nka qeto ya ho iketsetsa dipatlisiso.

O ile wa fumanang?

Jwalo ka setsebi sa mmetse, ke ne ke kwetliseditswe ho hakanya hore na dintho di etsahala jwang. Ke ile ka ithuta hore e le hore bophelo bo be teng, ho hlokahala diprotheine. Kahoo, ke ile ka etsa dipatlisiso ho bona hore na ho ka etsahala hore diprotheine di be teng feela tje ka mohlolo na. Diprotheine ke tse ding tsa dikhemikhale tse rarahaneng haholo mme disele di na le mefuta e mengata ya tsona e sebetsang ka tsela e hlollang. Kahoo, ke ile ka hlokomela hore ha ho mohla dintho tse rarahaneng jwalo ka tseo di ka iketsahallang feela tje. Ha ke so ka ke bala ntho le ha e le efe e buang ka ho iketsahalla ha dintho, e nkgodisang hore diprotheine di bile teng feela tje ka mohlolo, ha ke sa bua letho ka tsela e hlollang eo di sebetsang ka yona. Seo se ile sa mpontsha hore kannete ho na le Mmopi!

Keng e ileng ya o kgodisa hore Bibele ke lentswe la Modimo?

Ha ke ntse ke ithuta le Dipaki Tsa Jehova ke ile ka hlokomela hore Bibele e bua nnete, ka ha boprofeta bo bongata bo ka hare ho yona bo phethahetse. Ke ile ka boela ka bona hore ho phela ka melaomotheo ya Bibele ho a thusa. Ke ne ke dula ke ipotsa hore na ‘Ebe ke hobaneng ha Bibele e ntse e sebetsa ho tla fihlela lena le hodimo, le hoja e ngotswe dilemong tse ngata tse fetileng.’ Kahoo, ha ke ntse ke ithuta yona, ke ile ka bona hore ke Lentswe la Modimo.

Keng hape e ileng ya o kgodisa hore Modimo o teng?

Ha ke bona kamoo popo e hlollang kateng, ke ba le tumelo e matla le ho feta ya hore Modimo o teng. Hona jwale ke etsa mananeo a dikhompiyutha mme ke dula ke makatswa ke ho bona hore boko ba rona, bo sebetsa ka tsela e hlollang ho di feta. Ka mohlala, tsela eo boko ba rona bo kgonang ho utlwa modumonyana feela kapa lentswe e ya hlolla! Boko bo kgona ho re thusa hore re utlwe modumo, e bang ke wa mantswe a sa fellang kapa wa motho ya sa kgoneng ho bua hantle. Bo boetse bo etsa hore re utlwe ha motho a kgohlela, a tsheha kapa a bua ka tsela eo re sa e tlwaelang. Mohlomong o kanna wa makatswa ke ho tseba seo. Empa ditsebi tsa dikhompiyutha, di kgona ho utlwisisa hore na seo se etsahala jwang. Le hoja di qopitsa tsela eo boko bo sebetsang ka yona ha di etsa mananeo a dikhompiyutha, ha ho mohla di ka kgonang ho etsisa boko ka ho felletseng.

Ho fapana le dikhompiyutha, boko bo kgona ho mamela lentswe e be bo o jwetsa hore na o bua le mang le hore na motho eo o buang le ena o ikutlwa jwang. Ke kahoo ditsebi di ntseng di leka ho qopitsa tsela eo boko bo sebetsang ka yona e le hore di ntlafatse mananeo a dikhompiyutha a kgonang ho utlwa modumo. Ha e le hantle ho etsa jwalo e tla be e le ho ithuta ka popo e hlollang ya Modimo.