Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

Tselana eo dijo di kenang ka yona le moo di silelwang teng

Tsela eo Boko bo Sebedisanang le Tsela eo Dijo di Silwang ka Yona

Tsela eo Boko bo Sebedisanang le Tsela eo Dijo di Silwang ka Yona

KAOFELA ha rona re a tseba hore re na le boko bo le bong. Le ha ho le jwalo, re na le dintho tse ding tse ngata mmeleng ya rona tse sebedisanang haufiufi le boko. Ka mohlala, re na le methapo e mengata e sebetsang hammoho ho romela le ho amohela melaetsa e tswang bokong. Melaetsa ena e bolella mmele ya rona hore na e lokela ho etsang. Tsela eo boko bo sebedisanang le tsela eo dijo di silwang ka yona, e rarahane haholo hoo borasaense ba e bitsang “boko ba bobedi.” Mohlomong o tla makatswa ke ho tseba hore boko bona ke ba tshwantshetso, mme ha bo ka hloohong empa bo ka mpeng.

Ho hlokahala tshebedisano mmoho le matla a mangata hore dijo di silwe, e le hore re tswele pele re phela hantle. Ke kahoo mosebetsi o mongata wa ho sila dijo, o etsahalang ka mpeng.

Tsela eo dijo di silwang ka yona e rarahane haholo ha e bapiswa le eo boko bo sebetsang ka yona. E le hore dijo di silwe, ho sebetsa disele tse ka bang dimilione tse 200 ho ya ho tse 600. Ha e le hantle, disele tsena kaofela di fumaneha ka mpeng. Borasaense ba re haeba mosebetsi o etsahalang ha ho silwa dijo o ne o lokela ho etswa ke boko, ho ne ho tla hlokahala hore methapo e be metenya haholo. Buka e enngwe yona e bolela hore: “Ke ntho e babatsehang haholo hore e be mosebetsi o mongata wa ho sila dijo, ha o etsahale ka bokong empa o etsahala ka mpeng.”

“TSELA EO FEME E SEBETSANG KA YONA”

E le hore dijo di silwe, boko bo laela mmele ho ntsha dikhemikhale tse nepahetseng ka nako e loketseng mme di lokela ho ya sebakeng se nepahetseng. Le hoja di le ngata, di sebetsa ka tlhophiso e makatsang! Ke kahoo Profesa Gary Mawe, a tshwantshang tsela eo dikhemikhale tsena di sebetsang ka yona le “tsela eo feme e sebetsang ka yona.” Ka mohlala, letlalo le ka hare la mala a rona le na le disele tse ikgethang, tse kgonang ho utlwa hore na ke mofuta ofe wa dikhemikhale o teng dijong tseo re di jang. Kamora moo mmele o ntsha dikhemikhale tse ding tse thusang hore dijo di silehe. Haeba o jele dijo tse bodila, mmele o tla ntsha khemikhale e tla thusa hore dijo tseo di silehe hantle.

Jwalo ka ha re boletse pejana, tsela eo dijo di silwang ka yona e tshwana hantle le tsela eo feme e sebetsang ka yona. Ha o qeta ho kwenya dijo mme di kena ka mpeng, mmele o ntsha dikhemikhale tse etsang hore methapo e bulehe ha e amohela dijo. Kahoo ha dijo di se di kene, e tla kwala ebe methapo e meng e ya bula e le hore dijo di fetele ka maleng. Tsela ena e hlollang eo sena se etsahalang ka yona, e jwalo ka ha eka dijo tsena di tsamaya hodima mabanta a motjhini o tsamaisang thepa difemeng tse kgolo.

Tsela ena eo dijo di silwang ka yona e boetse e sireletsa mmele ya rona. Ho ka etsahala hore ebe dijo tseo re di jang, di na le dibaktheria tse kotsi. Ke ka hona re nang le disele tse ngata tse tshweu ka mpeng, tse thusang masole a mmele ho re sireletsa kgahlanong le mafu a ka bakwang ke dijo. Kahoo, o tla hlokomela hore haeba o jele dijo tse nang le dibaktheria tseo, mmele o itshireletsa ka hore o di ntshe, mohlomong ka ho hlatsa kapa hore mala a sebetse.

KAROLO EO BOKO BO E PHETHANG

Ka ha mosebetsi o mongata wa ho sila dijo o etsahala ka mpeng, ho ka bonahala e ka boko ha bo sebetse hakaalo nakong eo. Le ha ho le jwalo, dintho tsena tse pedi di kgona ho buisana di sebedisa mothapo o kopanyang boko le mpa. Ka mohlala, ho na le dikhemikhale tse tswang ka mpeng tse bolellang boko ha o lapile le hore na o lokela ho ja dijo tse kae. Kahoo, haeba o jele ho feta tekano, di tla boela di bolelle boko hore jwale ho lekane mme motho a kaba a hlatsa.

Mohlomong o kile wa hlokomela hore haeba motho a lapile kapa a kgotshe o ikutlwa ka tsela e itseng. Na o kile wa bona hore hangata ha o jele dintho tse tswekere o a thaba? O nahana ke hobaneng? Dipatlisiso di bontsha hore ha o jele dintho tse tswekere, boko bo ntsha dikhemikhale tse etsang hore o thabe. Ke ka hona ha batho ba bang ba utlwile bohloko kapa ba na le kgatello ya maikutlo, ba jang dintho tse monate e le hore ba ikutlwe hantle. O tla thabiswa ke ho tseba hore borasaense ba ntse ba batla ho qapa mokgwa wa ho fodisa kgatello ya maikutlo ba sebedisa tsela ena.

Na o kile wa hlokomela hore hangata ha o tshohile ha o be monate ka mpeng? Sena se etswa ke hore ha boko ba hao bo le tlasa kgatello, bo laela methapo ya madi hore e tsamaele hole le moo dijo di fihlelang teng. Ho ka boela ha etsa hore motho a hlatse ka ha boko bo etsa hore lelana leo dijo di fetang ho lona, le fetole tsela eo le sebetsang ka yona. Ditsebi di boetse di bontsha tsela ena, e le yona e etsang hore re be le boikutlo bo ka hare kapa letswalo.

Le hoja tsela ena eo dijo di silwang ka yona e hlolla, ha se boko ka ha e ke ke ya o nahanela kapa ya o etsetsa diqeto. Ebile e ke ke ya etsa hore o qape pina kapa o etse mosebetsi wa sekolo. Kahoo, ha borasaense ba ntse ba ithuta tsela ena, ba sala ba eme dihlooho ka ha ho sana le dikgolo tseo ba so kang ba di thola. Jwale, nakong e tlang pele o ja, ema hanyane, e be o hopola tsela ena e hlollang eo boko bo sebetsanang le tsela eo dijo di silwang ka yona!