Feta

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

Ke Mehato Efe eo o ka e Nkang ho Itshireletsa ha Koduwa e Hlaha?

Ke Mehato Efe eo o ka e Nkang ho Itshireletsa ha Koduwa e Hlaha?

Monna e mong ya bitswang Joshua o re: “Lerata le thibang ditsebe le ile la batla le ntiya fatshe ka lebaka la ho phatloha ho hoholo. Ho ile ha ba le mosi o mongata mme mollo wa ropoha ofising eo re sebeletsang ho yona.”

Ha re mamela ditaba matsatsing ana, re atisa ho utlwa ka tshisinyeho ya lefatshe, lehodiotswana, tlhaselo ya dikgukguni le bana ba thunyanang dikolong mona. Ke nnete hore ho hlahelwa ke koduwa ha ho tshwane le ho bala ka yona. Jwale, ebe ke mehato efe eo o ka e nkang pele ho koduwa, nakong ya koduwa le ka mora koduwa?

PELE HO KODUWA ITOKISE!

KAOFELA ha rona re ka welwa ke koduwa. Ka hoo, ho itokisetsa koduwa esale pele ho ka o pholosa. Empa ho itokisa ho akarelletsang?

  • Lokisa kelello ya hao. Le ka mohla o se ke wa iphapanyetsa taba ya hore ka tsatsi le leng, wena kapa ba leloko le ka hlahelwa ke koduwa. Ha o ka emela ho itokisa mohla koduwa, o ke ke wa ba le monyetla.

  • Ithute ka dikoduwa tse ka nnang tsa o hlahela sebakeng sa heno. Sena se tla etsa hore o tsebe hore na o tla tshabela kae nakong ya koduwa. Jwale, hlahloba hore na ebe ntlo ya hao le sebaka seo e ahuweng ho sona ke moo ho bolokehileng. Tlosa dintho tse ka nnang tsa baka mollo. Kenya dialamo tse nkgellang mosi e le hore di ka o lemosa ha mollo o qala o ba teng mme o etse bonnete ba hore mashala a tsona, a dula a sebetsa hantle.

  • Etsa bonnete ba hore o na le dintho tseo o tla di hloka nakong ya koduwa. Hopola hore dikoduwa di baka tsenyo e jwalo ka motlakase, metsi, founo le mokgwa wa dipalangwang. Haeba o na le koloi, etsa bonnete ba hore bonyane e dula e na le petrole e lekaneng, dula o na le dintho tse latelang ka tlung, dijo, metsi le mokotla o nang le dintho tseo o tla di hloka maemong a tshohanyetso. Bona lebokose le reng: “ Na o na le Dintho Tseo o Tla di Hloka?

    Ho itokisetsa koduwa esale pele ho ka o pholosa

  • Etsa bonnete ba hore o na le dinomoro tsa metswalle e haufi le e hole.

  • Rera esale pele hore na le tla pholoha jwang. Tseba esale pele hore na o tla tswa ka monyako ofe o haufi haeba le dula moahong o itseng, o be o tsebe hantle hore na ebe bana ba hao ba tla bolokeha ha ba le sekolong. Buisanang le le lelapa hore na le tla kopanela kae ha le balehela koduwa, e ka ba sekolong kapa laebrari haufi le moo le dulang teng. Keletso e bohlale e tswang ho ba boholong pusong, ke hore le lokela le hle le ikwetlise esale hona jwale e le hore le be se le tlwaetse morethetho.

  • Rera esale pele hore na o ka thusa ba hodileng le ba fokollwang ke bophelo jwang.

NAKONG YA KODUWA EBA MAHLAHAHLAHA

Joshua elwa eo re buileng ka yena qalong o re: “Eitse ha mollo o qhoma, batho ba bangata ke ha ba sa tshoha le ho tshoha. Ba bang e le hona ba timang dikhompiyutha le ho tshela metsi ka dibotlolong tsa bona. Yaba monna e mong o re: ‘E seng re eme hanyane.’” Joshua o ne a amehile ka tshireletseho ya bona haholo, ke ka hona a ileng a hweletsa a re: “Re tlameha ho tswa ka mona hanghang.” Eitse ka motsotso oo, basebetsimmoho le yena ba tswa ba mo setse morao. A nna a tswela pele ho ba phehella mme a re: “Haeba e mong a wela, le mo phahamiseng mme le tswele pele le matha. Re tla pholoha kaofela haeba re etsa jwalo!”

  • Ha mollo o qhoma. Kgasa ka mangole mme o tswe ka potlako. Lebaka ke hore mosi o etsa hore motho a se ke a bona hantle, ke kahoo batho ba bangata ba shwang ka lebaka la ho hahlamelwa ke mosi. Siya dintho tsohle tsa hao. O se ke wa dieha le ka motsotswana feela. Hopola hore mona re bua ka lefu le bophelo.

  • Ha ho ba le tshisinyeho ya lefatshe. Ipate ka tlasa thepa e tsitsitseng ya ka tlung kapa ka tlasa kosene ya monyako o ka hare. Emela hore ho thole ebe jwale o tswela ka ntle thoko le moaho ka ho panya ha leihlo. Ho ka nna ha etsahala hore batho ba kwetliseditsweng ho pholosa ba diehe ho fihla. Ka hoo, leka ho pholosa ba bang haeba o kgona.

  • Nakong ya tsunami. Haeba ka tshohanyetso metsi a tlola lebopo la lewatle, potlakela moo ho phahameng. Le ha o se o le moo, eba hlokolosi hobane maqhubu a maholo a ka nna a phahama.

  • Nakong ya sefefo se matla kapa lehodiotswana. Potlakela sebakeng se ka tlasa lefatshe sa ho itshereletsa difefong.

  • Nakong ya dikgohola. Tloha mehahong eo dikgohola di e sentseng. Qoba ho tsamaya kapa ho kganna ka hara metsi a dikgohola. Bothata ke hore dikgohola di hohola dikgwerekgwere ebile o ka nna wa wela mekoting ya tsona o sa hlokomele. Ho boetse ho na le dintho tse kotsi tseo o ke keng wa di bona, malwanlahla le dithapo tsa motlakase tse tjheketsweng ka fatshe.

  • Na o ne o tseba? Metsi a ka hohola koloi. Batho ba bangata ba bolawang ke metsi, ke ba lekang ho kganna hara dikgohola.

  • Ha ba boholong pusong ba o kopa hore o tswe, etsa jwalo ka potlako! Bolella metswalle ya hao hore na o hokae. Ho seng jwalo, e ka lemala e ntse e leka ho o sheba.

    Ha ba boholong pusong ba o kopa hore o tswe, etsa jwalo ka potlako!!

  • Na o ne o tseba? Ho etsa melaetsa ho ka ba molemo ho feta ho founa.

  • Haeba ba boholong pusong ba re baahi bohle ba dule ka matlong kapa dibakeng tsa tshireletso, etsa jwalo. Haeba ho ka ba le dikhemikhale tse kotsi ka ntle, dula ka tlung, kwala ntlo hohle moo ho ka kenang moya o be o kwale mamati le difenstere ka tsela eo mosi wa dikhemikhale tseo, o ke keng wa kena. O ka ba wa kena kamoreng ya hao e ka harehare e le hore o se ke wa hahlamelwa ke mosi oo o kotsi. O shebelle Television ya lehae kapa o mamele ditaba radiong e le hore o tlo o tsebe se ntseng se etsahala. Dula o le ka tlung ho fihlela ho etswa tsebiso ya hore dintho di kgutletse madulong.

KA MORA KODUWA DULA O BOLOKEHILE!

Ho qoba mafu le dikotsi tse ka hlahang, hlokomela ditlhahiso tse latelang:

  • Dula le metswalle haeba ho kgonahala, ho ena le ho dula o le mong.

  • Boloka sebaka seo o dulang ho sona se hlwekile.

  • Sebedisa dintho tseo o sa di kopanelang le motho e mong ha o ntse o phutha malwanlahla. Haeba ho kgoneha, kenya ditlelafo, dieta tse thata, o rwale lekarapa le ntho e kwahelang dinko ha motho a sebetsa. Hlokomela dithapo tsa motlakase le mashala a hlenneng.

  • Etsa dintho tseo o neng o tlwaetse ho di etsa bophelong ba letsatsi le letsatsi. Bana ba hao ba lokela ho kgodiseha hore o kgobile matshwafo le hore o na le tshepo. Etsang dintho tsa sekolo, bapalang le be le etse borapedi ba lelapa mmoho. Tswela pele ka bophelo, o se ke wa dulela ho nahana ka ditlamorao tsa koduwa ebile o se ke wa intshetsa malokobe ho ditho tsa lelapa. Amohela thuso mme o thuse ba bang.

    Ka mora koduwa, etsa dintho tseo o neng o tlwaetse ho di etsa

  • Lebella ho lahlehelwa ke dintho tse ngata ka lebaka la koduwa. Ke nnete hore ba boholong pusong le ba fanang ka diphallelo, ba ka leka ka matla ho thusetsa hore le pholohe, empa ba ke ke ba kgutlisa dintho tsohle tse senyehileng. E le hore re pholohe dinako tsa dikoduwa, re hloka metsi a hlwekileng, dijo, diaparo le sebaka se sireletsehileng.—1 Timothea 6:7, 8.

  • Lebella hore o tla ameha maikutlong ka mora koduwa. Sena se bakwa ke haeba ho ne ho hlile ho bile le koduwa e mpe haholo. Motho a ka qetella a na le matshwenyeho, a tepelletse maikutlo, e le motho ya kwatakwatang feela tjee, ya dulang a lebala a ka ba a thatafallwa ke ho robala le ho sebetsa. Ha o le maemong a jwalo, bua le batho ba o kgathallang.

Le hoja Joshua a ile a pholoha malakabe a la a mollo mosebetsing wa hae, basebetsimmoho le yena ba bangata ha ba a ka ba pholoha. Yena o ile a thuswa ke dingaka le Bakrestemmoho le yena. Joshua o di beha tjena: “Ba ile ba ntiisetsa hore ho utlwa bohloko ke karolo ya bophelo ebile ho tla feta. Ka mora dikgwedi tse 6, ditoro tse tshosang tseo ke neng ke di lora, di ile tsa fokotseha. Le ha ho le jwalo, ke ile ka nna ka dubana le ditlamorao tse ding.”

Dikoduwa di re hlokisa botsitso. Ke ka hona batho ba bangata ba qeteletseng ba beha Modimo molato. Batho ba bangata jwalo ka Joshua, ba ikutlwa ba le “molato hore na ebe ke hobaneng ha ba bang bona ba sa ka ba phonyoha koduwa.” O re: “Ekare nka be ke pholositse batho ba bangata. Empa ke ile ka tshediswa ke ho tseba hore haufinyane Modimo o tla fedisa dintho tsohle tse utlwisang batho bohloko. Hona jwale, ke leka ka matla ho phela ka tsela e bontshang hore ke na le tumelo ya seo.”—Tšenolo 21:4, 5. *

^ par. 33 E le hore o fumane dintlha tse eketsehileng ka ditshepiso tsa Modimo tsa nakong e tlang le hore na ke hobaneng ha a dumelletse dintho tse bohloko ho etsahala, o ka sheba buka ya Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang? E fumaneha le Inthaneteng ho www.dan124.com/st.