Lengolo la Pele le Eang ho Timothea 2:1-15

  • Le rapelle batho ba mefuta eohle (1-7)

    • Molimo o mong le ’muelli o mong (5)

    • Tefo e hlokahalang e le hore batho bohle ba lopolloe sebeng (6)

  • Litaelo tse fuoang banna le basali (8-15)

    • Le apare ka tsela e bontšang hore lea itlhompha (9, 10)

2  Pele ho tsohle, ke le eletsa hore le rapelle batho ba mefuta eohle, le ba kopele thuso, le ba etsetse lithapelo tse matla le be le ba lebohele ho Molimo.  Hape le rapelle marena le bohle ba maemong a phahameng+ e le hore re ka phela bophelo bo khutsitseng re bile re e-na le khotso ha re ntse re sebeletsa Molimo ka botšepehi le ka mafolofolo linthong tsohle.+  Ha re etsa joalo, re etsa ntho e ntle e thabisang Molimo, Mopholosi oa rona+  eo thato ea hae e leng hore batho ba mefuta eohle ba pholohe+ le hore ba fumane tsebo e nepahetseng ea ’nete.  Kaha ho na le Molimo a le mong+ le ’muelli a le mong+ pakeng tsa Molimo le batho.+ ’Muelli eo ke Kreste Jesu+  ea ileng a fana ka bophelo ba hae e le tefo e neng e hlokahala e le hore batho bohle ba lopolloe sebeng.+ Batho ba tla bua ka taba ena ka nako e loketseng.  Ke ka lebaka leo Molimo a nkhethileng hore ke be moapostola+ le hore ke bolele le ho ruta batho ba lichaba ’nete+ le hore ba be le tumelo. Ke bua ’nete, ha ke bue leshano.  Ka hona, ke lakatsa hore libakeng tsohle banna ba tšepahalang ba lule ba rapela,+ ba se ke ba halefa+ kapa ba pheha khang le batho ba bang.+  Basali le bona ba ikhabise ka ho apara hantle* le ka tsela e bontšang hore baa itlhompha le hore ba na le kelello. Ba se ke ba ikhabisa ka ho loha meloho e feteletseng, ka khauta, liperela kapa liaparo tse turang haholo.+ 10  Ho e-na le hoo, ba ikhabise ka liketso tse lokileng e leng eona tsela ea ho ikhabisa e tšoanelang basali ba ipolelang hore ba hlompha Molimo.+ 11  Mosali a thole* ’me a ikokobetse ha a rutoa.+ 12  Ha ke lumelle mosali ho ruta kapa ho laola monna empa a lule a thotse.*+ 13  Etsoe Adama o ile a boptjoa pele eaba ho boptjoa Eva.+ 14  Hape ha se Adama ea ileng a thetsoa empa ke mosali ea ileng a thetsoa+ ’me a etsa sebe. 15  Leha ho le joalo, o tla sireletsoa ke ho ba le bana+ hafeela a* lula a e-na le tumelo, a le lerato, a halalela a bile a e-na le kelello.+

Linaletsana

Kapa: “ka tsela e hlomphehang.”
Kapa: “a khutse.”
Kapa: “a khutsitse.”
Ka Segerike: “ba.”