Lengolo la Bobeli le Eang ho Timothea 4:1-22

  • “U phethe mosebetsi oa Molimo ka botlalo” (1-5)

    • U bolele lentsoe ka cheseho (2)

  • “Ke loanne ntoa e ntle” (6-8)

  • Pauluse o ntša maikutlo a hae (9-18)

  • Litumeliso tsa ho qetela (19-22)

4  Ke u laela ke tiile ka pel’a Molimo le Jesu Kreste, ea tla ahlola+ ba phelang le bafu+ mohla a iponahatsang+ le mohla a seng a busa ’Musong oa hae.+  Ke u laela hore u bolele lentsoe+ ’me u etse joalo ka cheseho* ha ho le monate le ha ho le thata. U khalemele,+ u lemose hape u eletse. U etse lintho tseo ka mamello eohle le joaloka motho ea tsebang ho ruta hantle.+  Ho na le nako eo ka eona batho ba ke keng ba mamela lithuto tsa ’nete.*+ Ba tla latela litakatso tsa bona, ba ipatlele mesuoe e tla ba bolella lintho tseo ba batlang ho li utloa.*+  Ba tla tlohela ho mamela ’nete ebe ba mamela lipale tsa bohata.  Uena u lule u sebelisa kelello hantle linthong tsohle, u mamelle mathata,+ u etse mosebetsi oa moevangeli,* u phethe mosebetsi oa Molimo ka botlalo.+  Ke tšoana le nyehelo ea seno+ e ntseng e tšeloa holim’a aletare ’me nako ea hore ke lokolloe+ e haufi.  Ke loanne ntoa e ntle,+ ke mathile peiso ho fihlela qetellong+ ebile ke bolokile tumelo ea ’nete.  Ho tloha hona joale ho ea pele ke behetsoe moputso oa ba lokileng+ oo ke tla o fuoa ke Morena, moahloli ea lokileng+ ka letsatsi la kahlolo.+ O ke ke oa fuoa ’na feela empa o tla fuoa le bohle bao esale ba lebella hore a iponahatse.  Etsa sohle se matleng a hao hore u tle ho ’na kapele. 10  Demase+ o ntahlile hobane o ratile lefatše lena* ’me o ile Thesalonika, Kresense o ile Galatia, Tite eena o ile Dalmatia. 11  Ke Luka feela ea setseng le ’na. U tle le Mareka hobane o nthusa haholo mosebetsing oa Molimo. 12  Ke romme Tikikase+ Efese. 13  U tle le seaparo seo ke ileng ka se siea Troase ho Karpase le meqolo, haholo-holo matlalo a ho ngolla.* 14  Alexandere setei sa koporo o nkentse hampe ka makhetlo a mangata. Jehova* o tla mo ahlolela liketso tsa hae.+ 15  Le uena u mo hlokomele hobane o ile a hanyetsa molaetsa oa rona ka matla. 16  Ha ke ne ke ipuella ka lekhetlo la pele ka pel’a balaoli, ha ho na motho ea ileng a ntšehetsa, kaofela ba ile ba mphuralla. E se eka Molimo a ka ba tšoarela. 17  Empa Morena o ile a ema haufi le ’na, a ’matlafatsa e le hore nka bolela litaba tse monate ka botlalo le hore lichaba tsohle li li utloe.+ Hape ke ile ka lopolloa lehanong la tau.+ 18  Morena o tla ntopolla nthong e ’ngoe le e ’ngoe e mpe ’me o tla mpholosa e le hore ke kene ’Musong oa hae o leholimong.+ E se eka a ka tlotlisoa ka ho sa feleng. Amen. 19  U ntumelisetse Priska le Akuila+ le ba ntlo ea Onesiforase.+ 20  Erastase+ o ile a sala Korinthe empa Trofimase+ ke ile ka mo siea Miletase hobane a kula. 21  Etsa sohle se matleng a hao hore u fihle pele e e-ba mariha. Eubulase, Pudense, Linase, Claudia le bana ba bo rona kaofela ba re u lumele. 22  Morena a ke a hlohonolofatse moea o motle oo u o bontšang. E se eka a ka ba mosa* ho uena.

Linaletsana

Kapa: “potlako.”
Kapa: “tse molemo.”
Kapa: “e tla ba tsikinyetsa litsebe.”
Kapa: “u lule u bolela litaba tse monate.”
Kapa: “mehla ena.” Sheba Tlhaloso.
E leng meqolo ea letlalo.