Genese 2:1-25

  • Ka letsatsi la bosupa Molimo a phomola (1-3)

  • Jehova Molimo, ’Mopi oa leholimo le lefatše (4)

  • Monna le mosali serapeng sa Edene (5-25)

    • Motho o etsoa ka lerole (7)

    • Sefate se sa lokelang ho jeoa sa tsebo ea botle le bobe (15-17)

    • Ho boptjoa mosali (18-25)

2  Molimo a qeta ho bopa maholimo le lefatše le lintho tsohle tse ho tsona.*+  Ka letsatsi la bosupa, Molimo o ne a qetile mosebetsi oohle oo a neng a o etsa. Ka lona letsatsi leo, a phomola ka mor’a mosebetsi oohle oo a o entseng.+  Molimo a hlohonolofatsa letsatsi la bosupa ’me a re lea halalela hobane letsatsing leo o ile a phomola ka mor’a mosebetsi oohle oo a o entseng.  Ena ke histori ea ha ho ne ho etsoa maholimo le lefatše, letsatsing leo ka lona Jehova* Molimo a neng a etsa leholimo le lefatše.+  Ho ne ho e-s’o ka ho e-ba le lihlahla le limela lefatšeng hobane Jehova Molimo o ne a e-s’o nese pula ’me ho ne ho se na motho ea ka lemang.  Empa moholi o ne o nyoloha fatše ’me o nosetsa lefatše lohle.  Jehova Molimo a etsa motho ka lerole+ la lefatše ’me a bululela moea oa bophelo linkong tsa hae e le hore a phele+ eaba motho oa phela.*+  Ho ekelletsa moo, Jehova Molimo a lema serapa Edene,+ ho elella ka bochabela ’me a beha motho eo a mo entseng teng.+  Jehova Molimo a melisa lifate tsohle tse ntle le tseo litholoana tsa tsona li ka jeoang a ba a melisa sefate sa bophelo+ hammoho le sefate sa tsebo ea botle le bobe+ har’a serapa. 10  Ho ne ho e-na le noka e tsoang Edene e nosetsang serapa seo ’me ho tloha moo e ne e arohana e e-ba linoka tse ’nè.* 11  Lebitso la noka ea pele ke Pishone. Ke eona e potolohileng naha eohle ea Havila, e nang le khauta. 12  Khauta ea naha eo e ntle. Ho na le mamina a sefate a nkhang hamonate* le lejoe la onikse moo. 13  Lebitso la noka ea bobeli ke Gihone, ke eona e potolohileng naha eohle ea Kushe. 14  Lebitso la noka ea boraro ke Hidekele,*+ ke eona e eang ka bochabela ho Asiria.+ Lebitso la noka ea bone ke Eufrate.+ 15  Jehova Molimo a beha motho serapeng sa Edene hore a se leme le ho se hlokomela.+ 16  Jehova Molimo a fa motho taelo ena: “U ka ja litholoana tsa lifate tsohle tse serapeng hore u khotsofale.+ 17  Empa ha e le sefate sa tsebo ea botle le bobe, u se ke oa ja litholoana tsa sona hobane letsatsing leo ka lona u li jang, kannete u tla shoa.”+ 18  Eaba Jehova Molimo o re: “Ha ho hotle hore monna a be mong. Ke tla mo etsetsa mothusi ea mo tšoanelang.”*+ 19  Jehova Molimo o ne a entse liphoofolo tsohle tse hlaha le libopuoa tsohle tse fofang* eaba o li tlisa ho motho ho bona hore na o tla li reha mabitso afe. Li ile tsa bitsoa ka mabitso ao motho a ileng a li reha ’ona.+ 20  Motho a reha liphoofolo tsohle tse ruuoang mabitso le libopuoa tse fofang le liphoofolo tsohle tse hlaha empa motho eena o ne a se na mothusi ea mo tšoanelang.* 21  Jehova Molimo a robatsa monna.* Ha a ntse a robetse, a nka e ’ngoe ea likhopo tsa hae ’me sebakeng seo a ntšitseng khopo ho sona a koahela ka nama. 22  Jehova Molimo a etsa mosali ka khopo eo a e nkileng ho monna eaba o mo tlisa ho monna.+ 23  Monna a re: “Joale enoa ke lesapo la masapo a kaLe nama ea nama ea ka. O tla bitsoa MosaliHobane o nkiloe ho monna.”+ 24  Ke ka lebaka leo monna a tla siea ntate oa hae le ’mè oa hae ’me a khomarele* mosali oa hae, bobeli ba bona e tla ba nama e le ’ngoe.+ 25  Monna le mosali oa hae ba ile ba lula ba sa apara.+ Leha ho le joalo, ba ne ba sa hlajoe ke lihlong.

Linaletsana

Ka Seheberu: “le makhotla ’ohle a tsona.”
Mona ke moo lebitso la Molimo le mo khethollang ho melimo e meng eohle le hlahang ka lekhetlo la pele, יהוה (YHWH). Sheba Ntlha ea A4.
Ka Seheberu motho ke ne′phesh ’me lentsoe lena le bolela “sebopuoa se hemang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “e fetoha likarolo tse ’nè.”
Kapa: “Ho na le deliame.”
Kapa: “Tigris.”
Kapa: “mothusi hore e be motlatsi oa hae.”
Ka Seheberu: “tse fofang maholimong.”
Kapa: “mothusi hore e be motlatsi oa hae.”
Kapa: “a robatsa monna boroko bo tebileng.”
Kapa: “a lule le.”