Kosepele ea Luka 21:1-38

  • Licheletana tse peli tsa tšepe tsa mohlolohali ea futsanehileng (1-4)

  • LETŠOAO LA LINTHO TSE TLA ETSAHALA (5-36)

    • Lintoa, litšisinyeho tse kholo tsa lefatše, mafu a seoa, tlala (10, 11)

    • Jerusalema e pota-potiloe ke masole (20)

    • Linako tse behiloeng tsa lichaba (24)

    • Ha Mor’a motho a tla (27)

    • Papiso ea sefate sa feie (29-33)

    • Le lule le falimehile (34-36)

  • Jesu o ruta ka tempeleng (37, 38)

21  Jesu a bona barui ba ntse ba tšela limpho ka mabokoseng* a chelete.+  A boela a bona mohlolohali e mong ea futsanehileng a tšela licheletana tse peli tsa tšepe tsa boleng bo bonyenyane haholo.*+  Eaba o re: “Kannete ke re ho lona, mohlolohali enoa oa mofutsana o tšetse chelete e fetang ea bohle.+  Etsoe kaofela ba tšetse ho tsoa cheleteng ea bona e setseng empa eena le hoja e le mofutsana, o fane ka sohle seo a phelang ka sona.”+  Hamorao ha ba bang ba ntse ba bua ka tempele, kamoo e neng e khabisitsoe kateng ka majoe a matle le ka lintho tseo batho ba faneng ka tsona e le linyehelo ho Molimo+  a re: “Ho na le nako eo lintho tsohle tseo le li bonang hona joale li tla heletsoa. Ha ho lejoe le tla sala holim’a le leng.”+  Ba mo botsa ba re: “Mosuoe, hantle-ntle lintho tsee li tla etsahala neng? Hona re tla bona ka’ng ha lintho tsee li tl’o etsahala?”+  Jesu a re ho bona: “Itlhokomeleng hore le se ke la khelosoa.+ Ba bangata ba tla tla ka lebitso la ka ba re: ‘Ke ’na Kreste’ hape ba re: ‘Nako e behiloeng e atametse.’ Le se ke la ba sala morao.+  Ho feta moo, ha le utloela ka lintoa le merusu,* le se ke la tšoha. Lintho tsena li tla etsahala pele empa bofelo bo ke ke ba fihla hang-hang.”+ 10  Eaba o re ho bona: “Lichaba li tla loantšana+ le mebuso e hlaselane.+ 11  Ho tla ba le litšisinyeho tse kholo tsa lefatše hape ho tla ba le tlala le mafu a seoa+ sebakeng se seng ka mor’a se seng. Batho ba tla bona lintho tse tšosang le matšoao a maholo a tsoang leholimong. 12  Empa pele lintho tsena tsohle li etsahala, batho ba tla le tšoara ba le hlorise,+ ba le ise matlong a thapelo* le literonkong. Le tla isoa ka pel’a marena le babusisi ka lebaka la lebitso la ka.+ 13  E tla ba monyetla oa hore le ba bolelle ka tumelo ea lona. 14  Ka hona, ha ho hlokahale hore le rere esale pele hore na le tla re’ng ha le itšireletsa+ 15  kaha ke tla le fa mantsoe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitoa ho bo hanyetsa kapa ho bo loantša.+ 16  Hape esita le batsoali, bana ba bo lona, beng ka lona le metsoalle ba tla fana ka lona hore le isoe makhotleng* ’me ba bang ba lona le tla bolaoa.+ 17  Batho bohle ba tla le hloea ka lebaka la lebitso la ka.+ 18  Leha ho le joalo, ho hang ha ho qoba leha e le ’ngoe ea moriri oa lona e tla hlothoa.+ 19  Ha le ka mamella le tla pholoha.+ 20  Empa ha le bona Jerusalema e pota-potiloe ke masole,+ le tsebe hore e haufi le ho timetsoa.+ 21  Ba leng Judea ba balehele lithabeng,+ ba ka har’a motse oa Jerusalema ba tsoe ’me ba libakeng tse mahaeng ba se ke ba ea Jerusalema 22  hobane ana ke matsatsi a phetetso e le hore lintho tsohle tse ngotsoeng Mangolong li phethahale. 23  Matsatsing ao, baimana le batsoetse ba tla ba malimabe+ kaha ho tla ba le tlokotsi e kholo naheng eo ’me Molimo o tla halefela baahi ba eona. 24  Ba tla bolaoa ka sabole, ba isoe botlamuoeng lichabeng tsohle.+ Jerusalema e tla hatakeloa ke lichaba* ho fihlela linako tse behiloeng tsa lichaba* li fela.+ 25  Hape ho tla ba le lipontšo letsatsing, khoeling le linaleling.+ Lefatšeng lichaba li tla utloa bohloko haholo, li tsielehe ka lebaka la molumo oa maqhubu a leoatle a loebehlanang. 26  Batho ba tla akheha ke letsoalo le hobane ba lebeletse lintho tse tla etsahala lefatšeng hobane lintho tse maholimong li tla sisinyeha. 27  Joale batho ba tla bona Mor’a motho+ a tla ka leru, matla le khanya e kholo.+ 28  Empa ha lintho tsena li qala ho etsahala, le eme tsoee! le phahamise lihlooho hobane le haufi le ho lopolloa.” 29  Eaba o ba etsetsa papiso o re: “Le shebe sefate sa feie* le lifate tse ling kaofela.+ 30  Ha le bona li se li fupile,* lea tseba hore joale lehlabula le haufi. 31  Ka tsela e tšoanang, le lona ha le bona lintho tsena li etsahala, le tsebe hore ’Muso oa Molimo o haufi. 32  Kannete kea le bolella hore lintho tsena tsohle li tla etsahala pele moloko ona o fela.+ 33  Leholimo le lefatše li tla nyamela empa mantsoe a ka ’ona a tla ba teng ho ea ho ile.+ 34  Empa le itlhokomele hore le ka mohla le se ke la imeloa ke ho ja ho tlola, ho noa haholo+ le mathata a bophelo+ eaba letsatsi leo le le fihlela hang-hang le sa lebella 35  joalokaha eka ke leraba.+ Etsoe le tla fihlela bohle ba teng lefatšeng. 36  Joale le lule le falimehile,+ le rapele ka linako tsohle+ e le hore le ka atleha ho phonyoha lintho tsena tsohle tse tl’o etsahala le ho ema ka pel’a Mor’a motho.”+ 37  Motšehare Jesu o ne a tloaetse ho ruta ka tempeleng ebe bosiu o ea Thabeng ea Mehloaare o lula teng. 38  Batho bohle ba ne ba tla ho eena hoseng ka tempeleng ho tla mo mamela.

Linaletsana

Kapa: “matloleng a polokelo.”
Ka Segerike: “lileptone tse peli.” Sheba Ntlha ea B14.
Kapa: “meferefere.”
Ka Segerike: “lisinagogeng.”
Kapa: “ba tla le eka.”
Kapa: “balichaba.”
Kapa: “balichaba.”
Kapa: “feiga.”
Ha ho hlaha makhasi a macha.