Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO 1

Selelekela se Hapang Bamameli

Selelekela se Hapang Bamameli

Liketso 17:22

NTLHA-KHOLO: Selelekela sa hao se lokela ho hapa bamameli, se totobatse taba eo u buang ka eona le hore na ke hobane’ng ha taba eo e le ea bohlokoa.

KE’NG SEO U LOKELANG HO SE ETSA?

  • Bua ntho e tla hapa bamameli. Khetha potso, polelo, se etsahetseng, kapa ntlha e itseng e builoeng litabeng e tla hapa bamameli ba hao.

  • Totobatsa taba eo u buang ka eona. Etsa bonnete ba hore selelekeleng sa hao bamameli ba hlaketsoe ke taba eo u buang ka eona le morero oa seo u buang ka sona.

  • Ke hobane’ng ha taba eo e le ea bohlokoa? Bua ka ntho eo bamameli ba hao ba amehileng ka eona. Ba hlakisetse hore na taba eo u buang ka eona e ka ba thusa joang.