Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KHAOLO EA 80

Molisa ea Molemo le Masaka

Molisa ea Molemo le Masaka

JOHANNE 10:​1-21

  • JESU O BUA KA MOLISA EA MOLEMO LE MASAKA

Ha Jesu a ntse a ruta Judea, o bua ka ho hong hoo bamameli ba hae ba ka ho utloisisang hantle, e leng linku le masaka. Leha ho le joalo, o bua ka tsona e le papiso. Bajuda ba ka ’na ba hopola mantsoe a Davida a reng: “Jehova ke Molisa oa ka. Nke ke ka hloka letho. O nthobatsa makhulong a tletseng joang.” (Pesaleme ea 23:​1, 2) Pesalemeng e ’ngoe, Davida o re: “A re khumameng ka pel’a Jehova Moetsi oa rona. Etsoe ke eena Molimo oa rona, ’me re batho ba lekhulo la hae.” (Pesaleme ea 95:​6, 7) Kaha Baiseraele ba tlas’a Molao, haesale ba tšoantšoa le mohlape oa linku.

Baiseraele ba hlahile ba se ba ntse ba le tlas’a selekane sa Molao oa Moshe kahoo ke “linku” tse ka har’a “lesaka.” Molao o ne o sebetsa joaloka lerako le ba arolang liketsong tse mpe tse neng li etsoa ke batho ba sa tataisoeng ke Molao ona. Leha ho le joalo, Baiseraele ba bang ba ne ba sa tšoare mohlape oa Molimo hantle. Jesu o re: “Kannete-nete ke re ho lona, ea sa keneng ka lesakeng la linku ka monyako empa a hloa sebakeng se seng, ke lesholu le motlatlapi. Empa ea kenang ka monyako ke molisa oa linku.”​—Johanne 10:​1, 2.

Batho ba ka ’na ba nahana ka banna ba ileng ba ipolela hore ke bona bo-Mesia kapa bo-Kreste. Banna bana ba tšoana le masholu le batlatlapi. Batho ha baa lokela ho latela baikhakanyi ba joalo.

Ho e-na le hoo, ba lokela ho latela “molisa oa linku,” eo ha Jesu a bua ka eena a reng: “Molebeli oa monyako oa mo bulela, linku li mamela lentsoe la hae, ’me o bitsa linku tsa hae ka mabitso o li etella pele ha li tsoa. Ha a ntšitse tsa hae kaofela, o tsamaea ka pel’a tsona, ’me linku lia mo latela, hobane li tseba lentsoe la hae. Ho hang li ke ke tsa latela osele empa li tla mo baleha, hobane ha li tsebe mantsoe a basele.”​—Johanne 10:​3-5.

Pejana, Johanne Mokolobetsi, joaloka molebeli oa monyako, o ile a re Jesu ke eena eo linku tsena tsa tšoantšetso tse tlas’a Molao li lokelang ho mo latela. Tse ling tsa linku tse neng li le Galilea le tse hona mona Judea li ile tsa tseba lentsoe la Jesu. O ne a li etella pele ho ea kae? Hona ho mo latela ho ne ho tla fella ka eng? Ba bang ba utloang papiso ena ba ka ’na ba makala hobane ba sa “tsebe hore na lintho tseo a neng a ba bolella tsona li bolela’ng.”​—Johanne 10:6.

Jesu o re: “Kannete-nete ke re ho lona, ke ’na monyako oa linku. Bohle ba tlileng sebakeng sa ka ke masholu le batlatlapi, empa linku ha lia ba mamela. Ke ’na monyako, mang kapa mang ea kenang ka ’na o tla pholoha, o tla kena a tsoe ’me a fumane lekhulo.”​—Johanne 10:​7-9.

Ho hlakile hore mona Jesu o bua ka ntho e ncha. Bamameli ba hae baa tseba hore ha se eena monyako o isang selekaneng sa Molao, kaha Molao o ne o se o ntse o sebetsa le pele a fihla. Kahoo, e tlameha ebe o re o ‘tataisetsa’ linku hore li il’o kena ka lesakeng le leng. Ebe ho etsahala’ng ka mor’a moo?

Ha a tsoela pele ho hlalosa o re: “Ke tlile e le hore li ka ba le bophelo le hore li be le bona bo le bongata. Ke ’na molisa ea khabane, molisa ea khabane o nehelana ka moea oa hae molemong oa linku.” (Johanne 10:​10, 11) Pejana Jesu o ile a khothatsa barutuoa ba hae ka ho re: “Le se ke la tšaba, mohlatsoana, hobane Ntat’a lona o amohetse ho le fa ’Muso.” (Luka 12:​32) Ha ho potang hore batho bao e leng karolo ea “mohlatsoana” ke bona bao Jesu a tlang ho ba tataisetsa lesakeng le lecha, e le hore ba ka ba le “bophelo le hore [ba] be le bona bo le bongata.” Ho ba karolo ea mohlape oo ke tlhohonolofatso e kaakang!

Leha ho le joalo, Jesu ha a felle moo feela. O re: “Ke na le linku tse ling, tseo e seng tsa lesaka lena, le tsona ke tla li tlisa, ’me li tla mamela lentsoe la ka, e tla ba mohlape o le mong, molisa a be mong.” (Johanne 10:​16) “Linku tse ling” tseo a buang ka tsona ha se karolo ea “lesaka lena.” Kahoo, e tlameha ebe ke tsa lesaka le leng, eseng lena la “mohlatsoana” o tla rua ’Muso. Bokamoso ba mehlape ena ea linku ha bo tšoane. Leha ho le joalo, linku tse masakeng ana ka bobeli li tla una molemo mosebetsing oa Jesu. O re: “Ke ka lebaka lena Ntate a nthatang, hobane ke nehelana ka moea oa ka.”​—Johanne 10:17.

Ba bangata letšoeleng ba re: “O na le modemona ’me oa hlanya.” Leha ho le joalo, ba bang ba bontša hore ba mametse ka hloko le hore ba ikemiselitse ho latela Molisa ea Molemo. Ba re: “Tsena ha se lipolelo tsa monna ea kenoeng ke modemona. Modemona a ke ke a bula mahlo a batho ba foufetseng, na ha ho joalo?” (Johanne 10:​20, 21) Ho hlakile hore ba bua ka lintho tse etsahetseng pejana ha Jesu a ne a folisa monna oa sefofu.