Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOMATHISO

Ho Sebelisoa ha Lebitso la Molimo le Seo le se Bolelang

Ho Sebelisoa ha Lebitso la Molimo le Seo le se Bolelang

PESALEME EA 83:18 e fetoletsoe joang ka Bibeleng ea hao? Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang e beha temana ena tjena: “E le hore batho ba ka tseba hore uena, eo lebitso la hao e leng Jehova, uena u le mong u Ea Phahameng ka ho Fetisisa holim’a lefatše lohle.” Liphetolelo tse ling tse ’maloa tsa Bibele li beha taba ka tsela e tšoanang. Empa liphetolelo tse ngata ha li sebelise lebitso Jehova, li sebelisa litlotla tse kang “Morena” kapa “Ra-bo-sa-feleng” bakeng sa lona. Empa temaneng ee ho lokela ho sebelisoa eng? Tlotla kapa lebitso Jehova?

Lebitso la Molimo ka litlhaku tsa Seheberu

Temana ena e bua ka lebitso. Seheberung sa pele seo karolo e khōlō ea Bibele e neng e ngotsoe ka sona, mona ho hlaha lebitso la motho le ikhethang. Le ngotsoe e le יהוה (YHWH) ka litlhaku tsa Seheberu. Ka Sesotho, lebitso leo le tloaelehile e le “Jehova.” Na lebitso leo le hlaha temaneng e le ’ngoe feela ea Bibele? Che. Le hlaha ka makhetlo a ka bang 7 000 Mangolong a Seheberu a ngotsoeng qalong!

Lebitso la Molimo ke la bohlokoa hakae? Nahana ka thapelo ea mohlala eo Jesu Kreste a e rutileng. E qala ka ho re: “Ntat’a rōna ea maholimong, lebitso la hao le ke le halaletsoe.” (Matheu 6:9) Hamorao, Jesu o ile a rapela Molimo a re: “Ntate, tlotlisa lebitso la hao.” Molimo o ile a araba a le leholimong, a re: “Ke le tlotlisitse ’me ke tla boela ke le tlotlise.” (Johanne 12:28) Ho hlakile hore lebitso la Molimo ke la bohlokoa haholo. Joale ke hobane’ng ha bafetoleli ba bang ba sa ka ba sebelisa lebitso lee ha ba fetolela Libibele tsa bona ’me ba sebelisitse litlotla bakeng sa lona?

Ho bonahala eka ho na le mabaka a mabeli a ka sehloohong. Lebaka la pele ke la hore batho ba bangata ba re lebitso leo ha lea lokela ho sebelisoa kaha kajeno ha ho tsejoe tsela eo le neng le bitsoa ka eona qalong. Ha ho ne ho ngoloa Seheberu sa boholo-holo ho ne ho siuoa liluma-nosi. Ka hona, ha ho motho ea ka bolelang hantle kajeno hore na batho ba mehleng ea Bibele ba ne ba bitsa YHWH joang. Empa na see se lokela ho re thibela ho sebelisa lebitso la Molimo? E ka ’na eaba mehleng ea Bibele, lebitso la Jesu le ne le bitsoa Yeshua kapa mohlomong Yehoshua—ha ho motho ea tsebang hantle. Empa kajeno batho lefatšeng ho pota ba sebelisa mefuta e sa tšoaneng ea lebitso Jesu, ba le bitsa ka tsela e tloaelehileng ka puo ea habo bona. Ha ba tsilatsile ho sebelisa lebitso leo hobane feela ba sa tsebe hantle hore na le ne le bitsoa joang lekholong la pele la lilemo. Ka ho tšoanang, haeba u ea naheng e ’ngoe, u ka ’na ua fumana hore lebitso la hao le bitsoa ka tsela e ’ngoe e fapaneng ka puo e ’ngoe. Kahoo, ho se tsebe hantle tsela eo lebitso la Molimo le neng le bitsoa ka eona mehleng ea boholo-holo hase lebaka la hore le se ke la sebelisoa.

Lebaka la bobeli le atisang ho fanoa le etsang hore ho siuoe lebitso la Molimo Bibeleng le amana le neano ea Bajuda e bileng teng ka nako e telele. Bajuda ba bangata ba ne ba lumela hore lebitso la Molimo ha lea lokela ho bitsoa. Ho bonahala eka tumelo ena e ne e thehiloe tšebelisong e fosahetseng ea molao o ka Bibeleng o reng: “U se ke ua sebelisa [“tlaela ka,” Bibele ea Sesotho] lebitso la Jehova Molimo oa hao ka tsela eo e seng ea bohlokoa, etsoe Jehova a ke ke a tlohela ea sebelisang lebitso la hae ka tsela eo e seng ea bohlokoa a sa fuoe kotlo.”—Exoda 20:7.

Molao ona o thibela ho sebelisoa ha lebitso la Molimo hampe. Empa na o thibela ho sebelisoa ha lebitso la hae ka tsela e nang le tlhompho? Le hanyenyane. Bangoli ba Mangolo a Bibele a Seheberu (“Testamente ea Khale”) kaofela e ne e le banna ba tšepahalang ba neng ba phela ka Molao oo Molimo a neng a o file Baiseraele ba boholo-holo. Empa ba ne ba sebelisa lebitso la Molimo khafetsa. Ka mohlala, ba le sebelisitse lipesalemeng tse ngata tseo barapeli ba bangata ba neng ba li binela holimo. Jehova Molimo o bile a laela barapeli ba hae hore ba ipiletse lebitsong la hae, ’me batho ba tšepahalang ba ile ba mamela. (Joele 2:32; Liketso 2:21) Kahoo, kajeno Bakreste ha ba tsilatsile ho sebelisa lebitso la Molimo ka tsela e nang le tlhompho, feela joalokaha ntle ho pelaelo Jesu a ne a etsa.—Johanne 17:26.

Bafetoleli ba Bibele ba etsa phoso e tebileng ha ba sebelisa litlotla ho e-na le ho sebelisa lebitso la Molimo. Ba etsa hore Molimo a bonahale eka o hōle ebile hase motho, athe Bibele e phehella batho hore ba hlaolele “kamano e haufi-ufi le Jehova.” (Pesaleme ea 25:14) Ak’u nahane ka motsoalle oa hao oa hlooho ea khomo. Le ne le ka ba metsoalle e haufi joang haeba u ne u sa tsebe lebitso la motsoalle oa hao? Ka ho tšoanang, haeba batho ba pateloa lebitso la Molimo, e leng Jehova, e ka ba metsoalle ea Molimo e haufi joang? Ho feta moo, batho ba sitoa ho tseba moelelo o ikhethang oa lebitso la Molimo ha ba sa le sebelise. Lebitso la Molimo le bolela’ng?

Molimo ka boeena o ile a hlalosetsa mohlanka oa hae ea tšepahalang Moshe seo lebitso la hae le se bolelang. Ha Moshe a botsa lebitso la Molimo, Jehova o ile a re: “Ke tla ba seo ke tla ba sona.” (Exoda 3:14) Phetolelo ea Rotherham e fetolela mantsoe ana ka ho re: “Ke Tla Ba sohle seo ke batlang ho ba sona.” Kahoo Jehova e ka ba sohle se hlokahalang e le hore a phethahatse merero ea hae.

A re nke hore u ne u ka ba sohle seo u batlang ho ba sona. U ne u tla etsetsa metsoalle ea hao eng? Haeba e mong oa metsoalle ea hao a ne a ka kula haholo, u ne u ka ba ngaka e nang le tsebo ’me ua mo phekola. Haeba e mong a e-na le mathata a lichelete, u ne u ka ba motho ea fanang ea ruileng ebe ua mo thusa. Empa ’nete ke hore u ke ke ua khona ho ba sohle seo u batlang ho ba sona. Ho joalo ho rōna kaofela. Ha u ntse u ithuta Bibele, u tla hlolloa ha u bona kamoo Jehova e bang sohle se hlokahalang kateng e le hore a phethahatse merero ea hae. Ebile o thabela ho sebelisa matla a hae molemong oa ba mo ratang. (2 Likronike 16:9) Ba sa tsebeng lebitso la Molimo ha ba lemohe litšobotsi tsena tse ntle tseo Jehova a nang le tsona.

Ho hlakile hore lebitso la Jehova le lokela ho sebelisoa ka Bibeleng. Ho tseba seo le se bolelang le ho le sebelisa ka bolokolohi borapeling ba rōna ke thuso e matla e re atametsang haufi le Ntate oa rōna oa leholimo, Jehova. *

^ ser. 3 Ho fumana boitsebiso bo eketsehileng ka lebitso la Molimo, seo le se bolelang le hore na ke hobane’ng ha re lokela ho le sebelisa borapeling, bona bukana ea Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, e hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova.