Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Ba Nang le ho Hongata ba Thusa ba Senang Letho

Ba Nang le ho Hongata ba Thusa ba Senang Letho

LA 1 OCTOBER 2020

 Lipaki Tsa Jehova li etsa mosebetsi oa bohlokoahali oa ho thusa batho linaheng tse ka holimo ho 200. Leha ho le joalo ke linaha tse 35 feela tse khonang ho ba le monehelo o lekaneng bakeng patalla litlhoko tsa tsona. Ebe linaha tse kollang ntsi hanong tsona li thusoa joang?

 Sehlopha se busang se hlahlobisisa lintho tseo Lipaki Tsa Jehova tse lefatšeng lohle li li hlokang bakeng sa borapeli le ho bolela molaetsa oa Bibele. Kahoo, ho etsoa moralo e le hore chelete e tle e sebelisoe ka bohlale. Haeba ho na le lekala le fumanang monehelo o mongata ho feta kamoo ho hlokahalang, chelete e ’ngoe ea lona e sebelisetsoa ho thusa linaha tse ikapang li itlohela. Mokhoa ona o tšoana hantle le oo Bakreste ba mehleng ea Jesu ba ileng ba etsa lintho ka oona. Ba ile ba thusana ka hore ba ‘leka-lekanye.’ (2 Bakorinthe 8:​14) Kaha ba ne ba e-na le se fetang seo ba se hlokang, ba ile ba thusa Bakreste ba senang letho.

 Bara ba bo rona ba ileng ba thusoa ba ikutloa joang? Batho ba ka holimo ho halofo Tanzania ba sokola haholo, ka lebaka leo, karolo e ’ngoe ea monehelo e ile ea sebelisetsoa ho lokisa Holo ea ’Muso ea phutheho ea Mafinga. Phutheho eo e ile ea ngola ea re: “Esale Holo ea rona ea ’Muso e ntlafatsoa, batho ba bangata ba se ba tla libokeng. Re leboha Mokhatlo oa Jehova le bara ba bo rona bohle ka ho ba seatla se bulehileng hobane hoja ha se ka moea oo o motle, re ka be re se na sebaka se setle hakana sa borapeli.”

 Bara le barali ba bo rona ba Sri Lanka ba ile ba haelloa ke lijo ka lebaka la seoa sa corona. ’Mè Imara Fernando le mora oa hae e monyenyane Enosh, ba teng palong eo. Empa ka lebaka la menehelo e tsoang linaheng tse ling ba khonne ho thusoa ka lintho tseo ba li hlokang. Ba ile ba ngola karete ba re: “Re leboha bara le barali ba bo rona ba re bontšitseng lerato nakong ena boima. Re thabile haholo hore ebe re karolo ea mokhatlo ona ebile re lula re rapela Jehova hore kamehla a thuse bara ba bo rona matsatsing ana a ho qetela.”

Imara le Enosh Fernando

 Bara le barali ba bo rona ba rata ho arolela ba bang seo ba nang le sona ho sa tsotellehe hore na ba lula hokae. Mohlala, Enosh o iketselitse lebokose le lenyane leo a bolokang chelete ka har’a lona e le hore le eena a ka thusa malapa a mang a hlokang. ’Mè Guadalupe Álvarez le eena o rata ho thusa batho ba bang. O lula Mexico moo batho ba fokolang ka palo ba kholang chelete e nyane kapa ba sa tholeng letho. Leha ho le joalo, o ntse a khona ho nehela seo a se khonang. O ile a ngola a re: “Ke leboha Jehova hobane o molemo, o mosa ebile o lerato. Kea tseba hore monehelo oa ka o tla kopanngoa le oa ba bang ebe o thusa ba hlokang.”

 Liofisi tsa makala tse romellang chelete libakeng tse hlokang thuso li thabela ho etsa seo. Mora oa bo rona Anthony Carvalho oa Komiti ea Lekala la Brazil o re: “Ka lilemo tse ngata, mosebetsi o etsoang naheng ea habo rona o ne o hloka ho thusoa ke linaha tse ling ka chelete. Ka lebaka la thuso eo, ho na le batho ba bangata ba tlang ka mokhatlong oa Molimo. Hona joale maemo a rona a se a fetohile ’me re khona ho thusa batho ba bang. Bara ba bo rona ba Brazil baa hlahloba hore ebe ke tšimo efe eo ba ka etsang tsoho la monna ho eona.”

 Lipaki Tsa Jehova li ka etsa’ng ho thusa bakreste-’moho le bona ba hlokang? Ha ba romelle chelete ofising eo ea lekala e hlokang thuso empa ba ka tšela chelete lebokoseng la monehelo le phuthehong ea habo bona le ngotsoeng “Monehelo oa Lefatše Lohle” kapa ba ka ntša monehelo ka donate.dan124.com. Re ananela menehelo eohle eo le fanang ka eona haholo.