Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Ho Fetoleloa ha Kopano ea Setereke ea 2020 ea “Lulang le Thabile”!

Ho Fetoleloa ha Kopano ea Setereke ea 2020 ea “Lulang le Thabile”!

LA 10 JULY 2020

 Likhoeling tsa July le August 2020 Lipaki Tsa Jehova lefatšeng lohle li tla shebella lenaneo le le leng la kopano ea setereke ka nako e tšoanang. Ke lekhetlo la pele ntho e tjena e etsahala. E le hore ntho ena e khonehe, ho ne ho hlokahala hore livideo tsa lenaneo lena li fetoleloe ka lipuo tse fetang 500. Ka tloaelo ho nka selemo kapa ho feta ho hlophisa le ho qeta mosebetsi o mokana. Empa ka lebaka la seoa sa corona, bafetoleli ba ile ba tlameha ho qeta mosebetsi ona oa ho fetolela lenaneo la Kopano ea Setereke ea “Lulang le Thabile!” ka nako e ka tlaase ho likhoeli tse ’nè.

 Lefapha la Litšebeletso Tsa Phetolelo le Lefapha la Theko le Ntlo-Kholo ea Lipaki Tsa Jehova le ile la etsa tsoho la monna mosebetsing ona o moholo. Lefapha la Litšebeletso Tsa Phetolelo le ile la hlokomela hore lihlopha tse ngata tsa bafetoleli li hloka thepa e eketsehileng ho etsa mosebetsi ona. Ntho eo li neng li e hloka haholo-holo ke li-microphone tsa boleng bo phahameng. Kahoo Lefapha la Theko le Ntlo-Kholo le ile la etsa litlhopho tsa hore ho rekoe li-microphone tse sekete le hore li isoe libakeng tse ka bang 200.

 Lefapha la Theko le Ntlo-Kholo le ile la reka li-microphone tsena ka bongata e le hore le baballe chelete. Ka mor’a moo li ile tsa isoa sebakeng se le seng, tsa pakoa eaba li isoa ho bafetoleli lefatšeng lohle. Kaha li ile tsa rekoa ka bongata, microphone o le mong o ile oa rekoa ka chelete e ka etsang lidolara tsa Amerika tse 170. Chelete eo e kenyelelitse e patetsoeng hore li tsamaisoe. Hoja li ile tsa rekoa ka bonngoe, li ka be li le turu haholo ho feta moo.

 Lefapha la Theko le Ntlo-Kholo le ile la tlameha ho reka le ho tsamaisa thepa ena likhoeling tsa April le May 2020. Ka nako eo likhoebo tse ngata li ne li se li sa sebetse haholo joalokaha li tloaetse ka lebaka la seoa sa corona. Empa mafelong a khoeli ea May, boholo ba liofisi tsa phetolelo, tsa makala le libaka tse ling tsa phetolelo li ile tsa fumana thepa eohle eo li e hlokang.

 Ntate Jay Swinney eo e leng molebeli oa Lefapha la Theko le Ntlo-Kholo, o re: “Nakong eo mosebetsi ona o ntseng o tsoela pele, mafapha a Bethele a ile a sebelisana hantle le likhoebo tse neng li keneletse. Ke moea oa Jehova feela o re thusitseng hore re khone ho qeta mosebetsi ona kapele tjena ebile re baballa chelete e le ho thusa Bakreste-’moho le rona.”

 Ntate Nicholas Ahladis ea sebetsang Lefapheng la Litšebeletso Tsa Phetolelo o re: “Kaha bafetoleli ba ne ba sa khone ho ea kae kapa kae, ba ile ba khothala haholo ha ba fumana thepa ena. Le hoja ba ne ba sa khone ho ba ’moho le basebetsi-’moho le bona ba bang, ba ne ba khona ho sebetsa ’moho e le hore ba fetolele le ho hatisa lipuo, litšoantšiso le lipina. Mosebetsi ona kaofela o entsoe ka lipuo tse fetang 500.”

 Mosebetsi ona ke o mong oa mesebetsi e mengata e ileng ea etsoa e le hore Kopano ea Setereke ea 2020 ea “Lulang le Thabile!” e fumanehe bakeng sa bana ba bo rona lefatšeng ka bophara. Re khonne ho reka thepa ena eohle e hlokoang hobane le ile la ba seatla se bulehileng ’me la ntša menehelo ka donate.dan124.com le ka mekhoa e meng.