Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

KAMOO MENEHELO E SEBELISOANG KATENG

Mosebetsi oa Kaho o Atlehileng Pele ho Seoa sa Corona

Mosebetsi oa Kaho o Atlehileng Pele ho Seoa sa Corona

LA 1 NOVEMBER 2020

 Re hloka mehaho e eketsehileng eo re e sebelisang bakeng sa borapeli hobane batho ba bangata baa kolobetsoa selemo se seng le se seng. Ka lebaka lena, Mafapha a Meralo le Kaho lefatšeng lohle a ne a rerile ho lokisa le ho ntlafatsa mehaho ea borapeli e 2 700 selemong sa tšebeletso sa 2020. a

 Ka bomali-mabe, seoa sa corona se sitisitse merero ena. Komiti ea Khatiso ea Sehlopha se Busang e ile ea bona ho le molemo ho emisa ka nakoana mesebetsi e mengata ea kaho e le ho sireletsa bara le barali ba bo rona le ho boloka melao ea mebuso. Leha ho le ho joalo, selemong sa tšebeletso sa 2020, libaka tsa borapeli tse fetang 1 700 li ile tsa hahoa le ho ntlafatsoa pele ho corona. Ho ekelletsa moo, ho ile ha qetoa le mesebetsi 100 e meholo ea mehaho ea makala. Hlokomela hore na mesebetsi e ’meli ea kaho e qetiloeng e thusitse bara ba bo rona joang.

 Lekala la Cameroon. Ofisi ea lekala ea pele e neng e le Douala, e ne e le nyane ebile ho na le lintho tse ngata li hlokang ho ntlafatsoa. Komiti ea Khatiso e ile ea nahana ho ntlafatsa mohaho oo, empa litjeho tsa ho o ntlafatsa li ne li tla phahama ho feta boleng ba mohaho ka bo-oona. Ba ile ba batlisisa hore na ebe mohlomong ho ka se be molemo ho reka mohaho o mocha kapa ho reka mohaho o mong ebe ba o ntlafatsa. Ka lebaka la maemo, ha ho na e ileng ea phethala ho tsona li le peli.

 Bara ba bo rona ba ile ba utloela hore ka leboea ho Douala ’muso o ne o rera ho etsa ’mila pel’a e ’ngoe ea Liholo tsa rona Tsa Kopano. ’Mila ona o ne o tla etsa hore ho fihlehe ha bonolo le hore ho be le li metsi, motlakase le tse ling. Lintho tsena kaofela ke tsona tseo ofisi ea lekala e neng e li hloka. Kahoo, Sehlopha se Busang se ile sa fana ka tumello ea hore ofisi ea lekaka e hahuoe karolong e ’ngoe ea setša sa Holo ea Kopano.

Bara le barali ba bo rona ba kentse letsoho ha ho hahoa ofisi e ncha ea lekala ea Cameroon.

 Lipaki le bo-rakonteraka ba hiriloeng ba ile ba sebetsa ’moho ’me ho ile hoa bolokoa nako le chelete e ngata. Ebile ha e le hantle, ho ile ha bolokoa chelete e ka holimo ho M32 500 000, e leng ntho e neng e sa lebelloa. Lelapa la Bethele le ile la fallela mohahong o mocha pele ho seoa sa corona.

Ofisi ea lekala la Cameroon qetiloe ho hahoa pele ho seoa sa COVID-19

 Lelapa la Bethele le Cameroon le lula le ho sebetsa ha monate mohahong o mocha ebile ba bona mohaho ona e le mpho e tsoang ho Jehova. Banyalani ba bang ba re: “Re batla ho sebetsa ka thata e le hore re bontše Jehova hore re ananela mpho ena.”

Bara le barali ba bo rona ba sebeletsa ka liofising tsa bona tse ncha pele ho seoa sa COVID-19

 Ofisi ea Phetolelo (RTO) ea Setojolabal, Mexico. Sehlopha sa bafetoleli sa Setojolabal se sebelelitse ofising ea lekala ea Central Amerika ka lilemo tse ngata. Leha ho le joalo, puo ea Setojolabal e buuoa Altamirano le Las Margaritas eleng libaka tse hole le ofisi ea lekala ka lik’hilomithara tse sekete. Ka lebaka lena, ba ne ba se ba sa khone ho ntlafatsa phetolelo ea bona hobane ba ne ba lula hole le moo puo ena e buuoang teng kahoo ba ne ba se ba sa tloaela ho utloa ha e buuoa. Hape ofisi ea lekala e ne e sokola ho fumana bara le barali ba bo rona ba haufinyane ba ka thusanang ka phetolelo le ho rekota ka puo eo.

Bara le barali ba bo rona ba thusana ka mosebetsi oa kaho Ofising ea Phetolelo

 Mabaka ana a ile a etsa hore Komiti ea Bongoli ea Sehlopha se Busang e batle hore sehlopha sena sa bafetoleli se falelle moo ho buuoang Setojolabal. Kahoo bara ba bo rona ba ile ba etsa qeto ea ho reka le ho ntlafatsa mohaho. Ka lebaka leo ha hoa ka ha sebelisoa chelete e ngata joaloka ho haha mohaho o mocha kapa ho hira liofisi.

 Mofetoleli e mong o re: “Lilemong tse leshome tseo ke li qetileng ke sebeletsa ofising ea lekala, ha hona mohla nkileng ka kopana le lelapa leha e se e le le le leng le buang puo eaka. Empa hona joale ofisi ea rona e falletse khubung ea sebaka seo ho buuoang puo ea Setojolabal. Ke kopana le batho ba buang puo eo letsatsi le leng le le leng ebile ke se ke ithutile mantsoe a macha hape le mokhoa oa ho fetolela o se o ntlafetse.”

Ofisi ea phetolelo ea Setojolabal pele le ka mor’a ho ntlafatsoa

Mesebetsi ea kaho ea Selemo sa Tšebeletso sa 2021

 Ha maemo a ka lumela, selemong sa tšebeletso sa 2021, ho tla etsoa mesebetsi mehahong e 75 ea Liofisi Tsa Phetolelo le mehahong ea likolo tsa Bibele. Mesebetsi e meholo e tla tsoela pele mehahong e robeli ea makala ho akarelletsa le mohaho o mocha oa Ramapo, New York le ho fallisa lekala la Argentina le la Italy. Ntle ho moo, ho hlokahala Liholo Tsa ’Muso tse 1 000, tse 6 000 li hloka ho hahoa bocha ha tse 4 000 li hloka ho ntlafatsoa.

 Chelete ea ho haha le ho ntlafatsa mehaho e hlaha kae? Mora oa bo rona Lázaro González oa Komiti ea Lekala la Central Amerika o ile a araba potso eo ha ho ntse ho seka-sekoa taba ea Ofisi ea Phetolelo ea Setojolabal. O ile a re: “Batho ba tšimong ea lekala la rona ha ba na chelete. Ntle ho tšehetso ea bara ba bang ba bo rona, re ne re ke ke ra khona ho haha liofisi tsa phetolelo tsa lipuo tse nyane tse buuoang tšimong ea rona. Menehelo eo ba faneng ka eona e thusitse hore bafetoleli ba isoe libakeng tseo ho buuoang lipuo tseo ba li fetolelang. Re leboha bara le barali ba bo rona lefatšeng lohle ka tšehetso ea bona.” Kannete mesebetsi ea kaho e etsahala ka lebaka la menehelo eo le e ntšang bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi o etsoang lefatšeng oo ba bangata ba o ntšang ka donate.dan124.com.

a Lefapha la Meralo le Kaho le ikarabella bakeng sa ho rala le ho haha Liholo Tsa ’Muso tse tlas’a lekala la lona. Lefapha la Meralo le Kaho le Ntlo-Kholo le etsa qeto ea hore na ke mesebetsi efe ea kaho e lokelang ho etsoa pele le be le etse meralo ea mehaho eo.