Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LULANG LE LEBETSE!

Lipaki Tsa Jehova le Bajuda ba Ileng ba Bolaoa ka Sehloho Ntoeng ea II ea Lefatše—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

Lipaki Tsa Jehova le Bajuda ba Ileng ba Bolaoa ka Sehloho Ntoeng ea II ea Lefatše—Bibele e Re’ng ka Taba Ee?

 Ka la 27 January 2023, batho ba bangata ba tla be ba ikhopotsa letsatsi la ha ho ne ho bolaoa batho ka sehloho Ntoeng ea II ea Lefatše (International Holocaust Remembrance Day). Lintho tse sehloho le tse tšosang tse ileng tsa etsahala lilemo tse 75 tse fetileng, li etsa hore batho ba ipotse hore na ke hobane’ng ha Molimo a ile a lumella hore batho ba bolaoe ka sehloho hakaale.

 Bajuda ba bangata e ile ea e-ba mahlatsipa a polao ena ’me ba limilione ba ile ba bolaoa ka morero. Batho ba bang le bona ba ile ba hlorisoa le ho bolaoa ntoeng ena ea II ea Lefatše. Ba bang ba bona e ne e le Lipaki Tsa Jehova, li ne li hlorisetsoa seo li se lumelang Bibeleng.

“Tšepo ka bokamoso”

 Batho ba bangata ba tšoha hore ntoa e tšoanang le ena e ka etsahala hape. Taba e thabisang ke hore Bibele e tšepisa hore nakong e tlang mathata a tšoanang le ana ha a sa tla hlola a e-ba teng.

  •   “Jehova o re: ‘Ke tseba hantle hore na ke tla le etsetsa’ng. Ke tla le tlisetsa khotso eseng tlokotsi, e le hore le be le tšepo le bokamoso bo chabileng.’”—Jeremia 29:11. a

 Tšepiso ena e tla phethahala ha Jehova a felisa lintho tse bohloko. Haufinyane o tla:

 Ke hobane’ng ha u lokela ho tšepa litšepiso tseo Bibele e re tšepisang tsona? E le hore u fumane karabo, re kopa hore u ithute Bibele le rona mahala.

a Jehova ke lebitso la Molimo.—Pesaleme ea 83:18.