Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Jehova o ile a fana ka melao ea bohloeki le pele batho ba ka nahana hore baa e hloka

Jehova o ile a fana ka melao ea bohloeki le pele batho ba ka nahana hore baa e hloka

 Lilemo tse 3 500 tse fetileng, nakoana pele sechaba sa Iseraele se ka kena Naheng e Tšepisitsoeng, Molimo o ile a se tšepisa hore o tla se sireletsa khahlanong le “maloetse ’ohle” a teng Egepeta. (Deuteronoma 7:​15) Tsela e ’ngoe eo ka eona a ileng a ba sireletsa ke ka ho ba fa melao e hlakileng ea ho re ba boloke bohloeki joang le ho thibela mafu. Ka mohlala:

  •   E meng ea melao eo ba neng ba o filoe ke hore ba itlhatsoe, ba hlatsoe le liaparo tsa bona.​—Levitike 15:​4-27.

  •   Tabeng ea mantle teng Molimo o ile a re: “U lokela ho ba le sebaka se ka thoko seo u tla se sebelisa ka ntle ho liahelo, ’me u ee ho sona. U lokela ho sebelisa kepa hammoho le lisebelisoa tsa hao, ’me etlare ha u kotsama ka ntle, u tla boela u cheke sekoti ka eona ’me u retelehe u koahele mantle a hao.”​—Deuteronoma 23:​12, 13.

  •   Batho bao ho neng ho nahanoa hore ba e-na le mafu a tšoaetsanoang ba ne ba tlosoa ho ba bang. Pele ba ka khutla, ba ne ba lokela ho hlapa le ho hlatsoa liaparo tsa bona e le hore ba tle ba nkoe ba ‘hloekile’.​—Levitike 14:​8, 9

  •   Motho ea tšoereng setopo o ne a sa kopane le batho ka matsatsi a itseng.​—Levitike 5:​2, 3; Numere 19:16.

 Haesale melao eo Baiseraele ba neng ba e fuoe tabeng tsa bohloeki le tsa bongaka e le nakong.

 Libakeng tse ling, bohloeki e ne e se ntho ea bohlokoa hakaalo. Ka mohlala:

  •   Makaka le metsi a litšila a ne a lahleloa hohle literateng. Likhoerekhoere, lijo tse bolileng le tse chefo, le lintho tse ling tse litšila li ne li etsa hore batho ba bangata ba kule le masea a shoe.

  •   Lingaka tsa mehleng ea khale li ne li na le tsebo e nyane kapa li se na tsebo ho hang ka likokoana-hloko. Baegepeta ba ne ba sebelisa meriana e kang mali a mokholutsoane, makaka a nonyana, litali tse shoeleng, mosese le bohobe bo nang le hlobo. Ka linako tse ling, ba ne ba boetse ba sebelisa makaka a liphoofolo le a batho e le meriana.

  •   Baegepeta ba ne ba kulisoa ke likokoana-hloko tse tsoang metsing a litšila a Noka ea Nile le lipeiping tseo ba neng ba li sebelisa ho nosetsa. Ka tsela e tšoanang le masea a ne a shoa ka lebaka la letšollo le maloetse a mang a bakoang ke lijo tse bolileng.

 Lehlakoreng le leng Baiseraele ba ne ba phetse hantle ho feta batho ba lichaba tse ling hobane ba ne ba mamela melao eo Molimo a neng a ba file eona.