Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

LULANG LE LEBETSE!

Bibele e Re’ng ka ho Thunngoa ha Bana Likolong?

Bibele e Re’ng ka ho Thunngoa ha Bana Likolong?

 Ka la 24 May 2022 ho ile ha etsahala ntho e sehloho toropong e nyenyane ea Uvalde Texas, Amerika. Koranta ea The New York Times e re, “monna e mong o thuntse bana ba 19 le matichere a mabeli . . . Sekolong sa Mathomo se bitsoang Robb.”

 Ketsahalo ena e etsahala hangata matsatsing ana. Koranta ea USA Today e bontšitse hore “batho ba 249 ba thuntsoe likolong selemong se fetileng ho feta selemo leha e le sefe ho tloha ka 1970.”

 Ke hobane’ng ha ho etsahala lintho tsena tse mpe? Ke’ng e ka re thusang hore re mamelle lintho tsena tse sehloho? Na ho na le tšepo ea hore lintoa li tla ke li fele? Bibele e araba lipotso tsena.

Ke hobane’ng ha lintoa li ntse li eketseha?

 Batho ba bangata baa ipotsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a sa thibele lintho tse bohloko tse kang ho thunngoa ha bana likolong. Bala sehlooho se reng “Batho ba Lokileng ba Etsahalloa ke Lintho Tse Bohloko​—Hobane’ng?” e le hore u fumane karabo e tsoang Bibeleng.

Ke’ng e ka re thusang hore re mamelle lintho tsena tse sehloho?

  •    “Lintho tsohle tse ileng tsa ngoloa nakong e fetileng li ile tsa ngolloa ho re laea, e le hore . . . ka matšeliso a tsoang Mangolong re ka ba le tšepo.”​—Baroma 15:4.

 Bibele e ka u thusa hore u mamelle ha ho ntse ho e-ba le lintoa. Ho fumana lintlha tse ling, bala sehlooho se hlahang ho Tsoha! se reng “Na Liketso Tse Mabifi li Tla ke li Fele?

 Bala sehlooho se reng “Litlaleho Tsa Litaba Tse Nyarosang na li Ama Bana ba Hao” e le hore u fumane lintlha tse ka thusang batsoali bao bana ba bona ba tšosoang ke lintho tseo ba li bonang litabeng.

Na lintoa li tla fela?

  •    “O tla lopolla meea ea bona khatellong le pefong.”​—Pesaleme ea 72:14.

  •    “Ba tla lokela ho tea lisabole tsa bona hore e be mehoma le marumo a bona hore e be likere tse faolang limela. Sechaba se ke ke sa phahamisetsa sechaba se seng sabole, ha ba sa tla hlola ba ithuta ntoa.​—Mikea 4:3.

 Molimo o tla etsa ntho eo batho ba ke keng ba khona ho e etsa. ’Muso oa hae o tla felisa lintoa le libetsa tsohle. Bala sehlooho se reng “’Musong oa Molimo ‘Khotso e Tla ba Ngata’” e le hore u ithute lintlha tse ling ka ’Muso oa Molimo.