Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

TheCrimsonMonkey/E+ via Getty Images

LETŠOLO LE KHETHEHILENG

Na ’Muso oa Molimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?

Na ’Muso oa Molimo o Tla Lokisa Mathata a Tikoloho?

 Ka la 25 July 2023, Inger Andersen eo e leng motlatsi oa mongoli-kakaretso oa Machaba a kopaneng le motsamaisi ea ka sehloohong oa UN Environment Programme o ile a re: “Tikoloho e ntse e senyeha haholo ’me ntho eo e baka mathata a mangata bakeng sa batho, metse le lintho tsohle tse phelang. Ka lebaka la maemo a leholimo a ntseng a fetoha, lifefo li ntse li e-ba matla ’me li senya matlo ebile li etsa hore bophelo bo be thata lefatšeng ka bophara. Metsi a leoatle a ntse a futhumala haholo, ka lebaka leo lintho tse ngata tse phelang leoatleng li ka ’na tsa shoa.”

 Na mebuso ea lefatše e ka ikopanya e le hore e sebetsane le mathata a amang lefatše kaofela? Na ba ka khona ho fumana tharollo?

 Bibele e re ho na le ’muso o ka khonang ho felisa mathata a tikoloho lefatšeng ebile o tla a felisa. E re: “Molimo oa leholimo o tla hloma ’muso,” ’muso oo o tla busa lefatše lohle o be o lokise mathata a lona. (Daniele 2:44) Tlas’a ’muso oo batho ba ke ke ba lematsa ba bang kapa ba baka tšenyo lefatšeng.—Esaia 11:9.