Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Bibele e Re’ng?

Bibele e Re’ng?

Na bolumeli ke ntho e iqapetsoeng ke batho?

BATHO BA BANG BA LUMELA hore bolumeli ke ntho e iqapetsoeng ke batho. Ba bang ba nahana hore Molimo o sebelisa bolumeli ho thusa batho hore ba atamele haufi le eena. Uena u re’ng?

SEO BIBELE E SE BUANG

Ho na le ‘borapeli bo hloekileng le bo sa silafalang ponong ea Molimo le Ntate oa rōna.’ (Jakobo 1:27) Borapeli bo hloekileng kapa ba ’nete bo tsoa ho Molimo.

SEO RE ITHUTANG SONA HAPE BIBELENG

  • Bolumeli bo khahlisang Molimo bo theha lithuto tsa bona Bibeleng.—Johanne 4:23, 24.

  • Bolumeli bo rutang lithuto tsa batho ke ba lefeela.—Mareka 7:7, 8.

Na hoa hlokahala hore motho e be karolo ea bolumeli bo itseng?

UENA U RE’NG?

  • E

  • Che

  • Mohlomong

SEO BIBELE E SE BUANG

“A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna.” (Baheberu 10:24, 25) Molimo o batla hore batho ba bokane hammoho e le sehlopha se hlophisitsoeng sa barapeli.

SEO RE ITHUTANG SONA HAPE BIBELENG

  • Batho ba rapelang Molimo hammoho ba lokela ho lumela ntho e tšoanang.—1 Bakorinthe 1:10, 11.

  • Litho tsa bolumeli boo Molimo a bo amohelang li lokela ho ratana.—1 Petrose 2:17.