Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | HO BA MOTSOALI

Ha Mocha a Intša Kotsi

Ha Mocha a Intša Kotsi

BOTHATA

U fumana hore ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha o se a e-na le nako a intša kotsi ka boomo. U ua ipotsa: ‘See se bolela’ng? Ebe morali oa ka o leka ho ipolaea?’

Hangata ha ho joalo. Empa haeba ngoana oa hao ea lilemong tsa bocha a intša kotsi, * o hloka ho thusoa. U ka mo thusa joang? Ntho ea pele, u lokela ho nahana ka lebaka leo e ka ’nang eaba le etsa hore a intše kotsi. *

SE ETSANG HORE A INTŠE KOTSI

Na ho intša kotsi ke feshene feela? Ke ’nete hore bacha ba bang ba qala mokhoa ona hobane ba utloile ho thoe ba bang ba etsa joalo. Esita le haeba ho joalo, hase bacha bohle ba etsang seo hobane feela e le feshene. Seo ba se etsang se fapane joang? Hangata motho ea intšang kotsi, o etsa joalo moo ba bang ba sa mo boneng ’me tloaelo eo e mo hlabisa lihlong haholo. Celia * ea lilemo li 20 o re: “Ke ne ke sa batle hore mang kapa mang a tsebe ka seo ke se etsang. Ke ne ke khona ho pata maqeba a ka.”

Na motho o intša kotsi e le hore feela ba bang ba mo hlokomele? Bacha ba bang ba intša kotsi ka morero oo. Empa batho ba intšang kotsi bao re buang ka bona sehloohong sena, ba atisa ho pata seo ba se etsang ’me ha ba itšehe kapa hona ho intša matetetso hobane ba batla ho hlokomeloa ke ba bang. Motho e mong ea neng a intša kotsi o re o lakatsa eka ho ka be ho bile le motho ea hlokomelang seo a neng a se etsa e le hore a thusoe esale nako.

Joale ke hobane’ng ha batho ba intša kotsi? Ho thata ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha bacha ba intša kotsi, empa hangata ke hobane mocha a utloile bohloko boo a sa khoneng ho bo hlalosa. Bukeng ea hae e bitsoang Cutting, Steven Levenkron eo e leng setsebi sa mafu a kelello, o hlalosa motho ea intšang kotsi e le “ea nkang hore ho itematsa ho kokobetsa bohloko boo a bo utloang.”

Motho ea intšang kotsi o utloa bohloko boo a sa khoneng ho bo hlalosa

U ka etsa’ng haeba u ikutloa u le molato? Ho e-na le hore u lule u ipeha molato hobane ngoana oa hao a itematsa, ameha ka hore na u ka ba motsoali ea molemo joang e le hore u mo thuse ho hlōla bothata boo.

 SEO U KA SE ETSANG

Khothalletsa ngoana oa hao hore a u bolelle lintho tse mo tšoenyang. Litlhahiso tse latelang li ka u thusa.

Mo tšelise. Haeba ngoana oa hao a u bolella hore o intša kotsi, u se ke ua ferekana kapa ua tšoha haholo. Ho e-na le hoo, bua le eena u khobile matšoafo ’me u mo tšelise.—Molao-motheo oa Bibele: 1 Bathesalonika 5:14.

Mo botse lipotso tse tla etsa hore a phutholohe. Ka mohlala, u ka ’na ua re: “Kea tseba hore ka linako tse ling u ua ikhalala. Ke’ng e u tšoenyang haholo?” kapa “Nka etsa’ng ho u thusa ha u tšoenyehile kapa u tetebetse maikutlo?” kapa “U nahana hore ke lokela ho etsa’ng e le hore re lule re buisana?” Mamela ha a u araba ’me u se ke ua mo kena hanong.—Molao-motheo oa Bibele: Jakobo 1:19.

Thusa ngoana oa hao hore a hlokomele makhabane ao a nang le ’ona. Kaha hangata batho ba intšang kotsi ba sheba feela liphoso tseo ba li etsang, mohlomong u ka khothalletsa ngoana oa hao hore a hlokomele makhabane ao a nang le ’ona. U ka ba ua etsa tlhahiso ea hore a ngole bonyane lintho tse tharo tseo a li ratang ka eena. Moroetsana ea bitsoang Briana o re: “Ho ngola ka makhabane a ka ho nthusitse ho bona hore ke na le botho bo botle.” *

Khothalletsa ngoana oa hao hore a rapele Jehova Molimo. Bibele e re: ‘Lahlela matšoenyeho ’ohle a hao ho eena, hobane oa u tsotella.’ (1 Petrose 5:7) Lorena, ea lilemo li 17 o re: “Ke ile ka leka ka matla hore ke bolelle Jehova Molimo tsela eo ke ikutloang ka eona haholo-holo ha ke batla ho intša kotsi. Ho rapela ho ile ha nthusa hore ke leke ka matla ho tlohela mokhoa ona.”—Molao-motheo oa Bibele: 1 Bathesalonika 5:17.

^ ser. 5 Ho intša kotsi ke ho tloaela ho ikutloisa bohloko mohlomong ka ho itšeha, ho intša matetetso, ho ikotla kapa ka mekhoa e meng.

^ ser. 5 Le hoja sehloohong sena ho buuoa ka banana e le bona ba intšang kotsi, melao-motheo ena e boetse e ea sebetsa le ho bashanyana.

^ ser. 7 Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

^ ser. 15 Hangata ha motho a intša kotsi, leo ke letšoao la hore o na le lefu la ho tepella maikutlo kapa lefu le leng. Maemong a joalo, ho hlokahala hore motho a batle thuso ea lingaka. Tsoha! ha e buelle mofuta o itseng oa phekolo. Leha ho le joalo, Bakreste ba lokela ho netefatsa hore phekolo leha e le efe eo ba e batlang ha e khahlanong le melao-motheo ea Bibele.