Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

 SE KA THUSANG LELAPA | BATSOALI

Ithute ho re “Che”

Ithute ho re “Che”

BOTHATA

Ngoan’a hao o lula a u kene ka tsebeng. Ha u re che, o ba manganga hoo a seng a u lutse pelong. Ha ho letho leo u le buang kapa leo u le etsang le etsang hore a u mamele ’me qetellong ua inehela. Kaha u se u khathetse ho ngangisana le eena, u qetella u se u qobelleha hore u mo fe ntho eo a e batlang.

U ka khona ho emisa mokhoa ona o u khathatsang. Leha ho le joalo, ntho ea pele u lokela ho nahana ka lintlha tse itseng mabapi le hore che.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Ho re che, hase ho ba khopo. Batsoali ba bang ha ba lumellane le seo, mohlomong ba re re lokela ho buisana le bana ’me re behelane mabaka le bona. Empa ba khothalletsa hore batsoali ba qobe ho re che, kaha ba tšaba hore ha ba hanela bana ntho e itseng seo se tla etsa hore ngoana a ikutloe eka ha a ratoe.

Ke ’nete hore lentsoe “che” qalong le ka ’na la nyahamisa ngoan’a hao. Empa, le boetse le mo ruta ntlha ea bohlokoa haholo—ea hore lefatšeng mona, ho na le melao e re tataisang eo re lokelang ho ikobela eona. Ka lehlakoreng le leng, ha u inehela, u etsa hore ngoan’a hao a nyenyefatse bolaoli ba hao, ebile u mo ruta hore a ka khona ho u laola ka hore a ngangisane le uena kamehla ha a batla ntho e itseng. Ha nako e ntse e-ea, seo se ka etsa hore a u hloee. Qetellong, ngoana a ke ke a hlompha motsoali oa hae haeba a khona ho mo laola.

Ha u re che, u koetlisetsa ngoan’a hao nako ea bocha leha e se e le motho e moholo. U mo ruta hore hase kamehla re fumanang lintho tseo re li batlang. Ngoana ea ithutang ntlha eo ea bohlokoa a ke ke a inehela habonolo nakong ea bocha, ha a kopana le khatello ea ho sebelisa lithethefatsi kapa ea ho kopanela liphate pele ho lenyalo.

Hape, ha u re che, u koetlisetsa ngoan’a hao nako ea ha e se e le motho e moholo. Dr. David Walsh o re: “’Nete ke hore rōna [batho ba baholo] hase kamehla re fumanang ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo re e batlang. Ha re thuse bana ba rōna ka letho ha re ba ruta hore kamehla ba tla fumana ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang.” *

 SEO U LOKELANG HO SE ETSA

Tsepamisa kelello pakaneng ea hao. U batla hore ngoan’a hao e be motho e moholo ea ikemetseng, ea khonang ho laola maikutlo a hae le ea atlehileng. Empa u etsa lintho tse hanyetsanang le seo haeba u mo fa ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e batlang. Bibele e re haeba motho a “bokotsa mohlanka oa hae ho tloha bocheng ho ea pele, bophelong ba hae hamorao o tla fetoha ea se nang teboho.” (Liproverbia 29:21) Kahoo, ho re che, ke karolo ea koetliso e molemo. Koetliso e joalo e tla tsoela ngoan’a hao molemo, e ke ke ea mo ntša kotsi.—Molao-motheo oa Bibele: Liproverbia 19:18.

Ha u re che, u lomahanye meno. Ngoan’a hao hase thak’a hao. Kahoo ha ho hlokahale hore le ngangisane hore na ke hobane’ng ha u re che, joalokaha e ka u hloka tumello ea hae. Ke ’nete hore ha bana ba ntse ba hōla, ba hloka “matla a bona a ho lemoha a koetliselitsoeng ho khetholla se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheberu 5:14) Kahoo hase phoso ho behelana mabaka le ngoana. Leha ho le joalo, u se ke ua ngangisana nako e telele le bana ba banyenyane mabapi le hore na ke hobane’ng ha u re che. Ha u lula u ngangisana le ngoan’a hao, seo se tla etsa hore a qetelle a nka, che, ea hao eka ke kōpo ho e-na le hore a e nke e le qeto.—Molao-motheo oa Bibele: Baefese 6:1.

U se ke ua sutha qetong ea hao. Ngoan’a hao a ka ’na a leka ho bona hore na u tiile hakae ka ho ngangisana le uena le ho u qophella. U ka etsa’ng haeba a etsa joalo le le lapeng? Buka ea Loving Without Spoiling e re: “U tlohe pel’a hae. E re, ‘Haeba u batla ho ngangisana le ’na, ho LOKILE, empa nke ke ka u mamela. U lokela ho ea kamoreng ea hao. U tla tsoa ha u se u thotse.’” Qalong, ho bua ka tsela e tiileng joalo ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo ho uena—le ho ngoan’a hao. Empa o tla khaotsa ho ba manganga ha a hlokomela hore ha u suthe qetong ea hao.—Molao-motheo oa Bibele: Jakobo 5:12.

U se ke ua re che, hobane feela u e-na le matla

U tenyetsehe. U se ke ua re che, hobane feela u e-na le matla. Ho e-na le hoo, “ho ba le kahlolo e molemo ha [hao] ho ke ho tsejoe.” (Bafilipi 4:5) Ka linako tse ling u ka re, e, ho ngoan’a hao—hafeela u sa etse seo hobane feela a ngangisana le uena le haeba kōpo ea hae e utloahala.—Molao-motheo oa Bibele: Bakolose 3:21.

^ ser. 10 Ho tsoa bukeng ea No: Why Kids—of All Ages—Need to Hear It and Ways Parents Can Say It.