TSOHA! November 2014 | U ka Thaba Joang Bophelong?

Bibele e na le keletso e ka u thusang hore u phele bophelo bo thabileng. Hlahloba mehlala e mene e bontšang hore Bibele e na le keletso e bohlale.

Tsa Mona le Mane

Lihlooho li akarelletsa: ho nyopa ha morero oa ho sireletsa moru oa Ecuador, bothata ba ho bona mali a nang le tšoaetso, ho tsekoa ha liphoofolo tse ruiloeng Australia.

SEHLOOHO SE KA NTLE

U ka Thaba Joang Bophelong

Na likeletso tsa Bibele li hlile li ka u thusa hore u thabe bophelong? Sehlooho sena se tšohla likeletso tse ’nè tse thehiloeng Bibeleng tse sebetsang.

Likotopo Tsa Roma—Li Bontša Boqhetseke ba Lienjiniere

Ke hobane’ng ha Baroma ba mehleng ea khale ba ile ba haha likotopo? Ke’ng e etsang hore likotopo tsee li hlolle hakaale?

SE KA THUSANG MALAPA

Ha Ngoan’a Hao a Bua Leshano

U lokela ho etsa’ng ha ngoan’a hao a bua leshano? Sehlooho sena se tšohla likeletso tse thehiloeng Bibeleng tse ka u thusang ho ruta ngoan’a hao bohlokoa ba ho bua ’nete.

PALE EA BOPHELO

Ke Ile ka Fumana Tšepo ha ke ne ke e Hloka Haholo

Ha Miklós Aleksza a le lilemo li 20, o ile a hlaheloa ke kotsi e bohloko, e ileng ea mo siea a holofetse. Bibele e mo thusitse joang hore a fumane tšepo ea sebele ka bokamoso?

SEO BIBELE E SE BUANG

Bohloeki

Hlahloba keletso ea Bibele e thusitseng batho ba limilione hore ba phele bophelo bo hloekileng le ho phela hantle ’meleng.

“Letšoao le Hlakileng le le Matla”

Ke hobane’ng ha karolo e ’ngoe ea mohaho o mong o motseng oa Hiroshima, Japane, e ntse e e-s’o lokisoe ho tloha ka 1945? Bala ka mohaho ona o ikhethang le kamoo o amanang kateng le seo Bibele e se tšepisang mabapi le bokamoso.

Lintho Tse Ling Tse Hlaheletseng Inthaneteng

Ke Hobane’ng ha ke Lokela ho Thusa Batho ba Bang?

Ha u etsetsa batho ba bang lintho tse ntle, u rua molemo ka litsela tse peli. Ke life?

Seo Bacha ba Bang ba se Buang ka Chelete

Fumana malebela mabapi le ho boloka chelete, ho e sebelisa le ho e beha sebakeng sa eona.

Karete ea Bibele ea Miriame

Miriame o ne a bapala seletsa sefe sa ’mino? Ithute ho eketsehileng ka eena ka ho kopitsa karete ena ea Bibele.