Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

PONO EA BIBELE

Mesia

Mesia

Bibele e ile ea bolela esale pele hore Mesia o ne a tla tla lefatšeng e le hore a tl’o felisa lintho tse kang bokuli, mahlomola le lefu. Na Jesu Kreste ke eena Mesia?

Batho ba ne ba tla khetholla Mesia joang?

Ho ea ka boprofeta ba Bibele, Mesia, kapa Kreste, o ne a tla tla ka mekhahlelo e ’meli, e sieanang ka nako e telele. * Mokhahlelong oa pele, o ne a tla tla e le motho. E le hore a tle a khethollehe ka ho hlaka, bangoli ba Bibele ba ile ba bolela likarolo tse fapaneng tsa bophelo ba hae le tšebeletso ea hae esale pele. Ha e le hantle, morero o ka sehloohong oa boprofeta ba Bibele ke “ho paka Jesu.”—Tšenolo 19:10.

Ha Jesu e sale motho, o ile a etsa hanyane lintho tseo a tla li etsa lefatšeng lohle ha e se e le sebōpuoa se matla sa moea

SEO BIBELE E SE BUANG

Mesia o ne a tla . . .

Jesu o ile a phethahatsa boprofeta boo kaofela le bo bong bo bongata. O ile a boela a folisa ba kulang le ho tsosa bafu. Ka ho etsa joalo o ile a fana ka bopaki ba hore ke eena Mesia ’me a re fa le tšepo ea hore o tla khona ho etsa lintho tsohle tseo Bibele e tšepisitseng hore o tla li etsa lefatšeng lohle ka moso. (Luka 7:21-23; Tšenolo 21:3, 4) Ka mor’a hore Jesu a tsosoe bafung, o ile a lula “ka letsohong le letona” la Molimo moo a emetseng nako e loketseng ea hore a qetele mosebetsi oa hae oa Bomesia.—Pesaleme ea 110:1-6.

“Ha Kreste a fihla, a ke ke a etsa lipontšo tse ngata ho feta tseo monna enoa a li entseng, na ha ho joalo?”Johanne 7:31.

Mesia o tla qetela mosebetsi oa hae joang?

Bajuda ba mehleng ea Jesu ba ne ba lebeletse hore Mesia o tla ba lopolla pusong ea Roma ’me a buse ’musong oa Iseraele o tsosolositsoeng. (Liketso 1:6) Balateli ba Jesu ba Bajuda ba ile ba utloisisa hamorao hore o tla qetela mosebetsi oa hae a le leholimong e le sebōpuoa se matla sa moea se filoeng matla a ho laola.—Matheu 28:18.

SEO BIBELE E SE BUANG

Mokhahlelong oa bobeli, Mesia o ne a tla . . .

Jesu o ile a phethahatsa mokhahlelo oa pele oa hae e le Mesia. O tla boela a phethe le oa bobeli. Ke kahoo, ba bohlale ba ithutang ka eena ka hloko, kaha Jesu o ile a re: “Ke ’na tsela le ’nete le bophelo.”—Johanne 14:6.

“Matsatsing a hae ea lokileng o tla atleha, khotso e tla ba ngata ho fihlela khoeli e se e le sieo. O tla ba le bafo . . . ho ea lipheletsong tsa lefatše.”Pesaleme ea 72:7, 8.

^ ser. 5 Lentsoe “Mesia” le tsoa Seheberung. “Kreste” ke lentsoe le tšoanang le lona le tsoang Segerikeng.—Johanne 1:41.

^ ser. 7 Lengolo la pele le bua ka boprofeta; la bobeli ka ho phethahala ha bona.