Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

4 | Bibele e Fana ka Likeletso Tse ka re Thusang

4 | Bibele e Fana ka Likeletso Tse ka re Thusang

BIBELE E RE: “Mangolo ’ohle . . . a molemo.”—2 TIMOTHEA 3:16.

Taba ee e Bolela’ng?

Bibele ha se buka ea lingaka empa likeletso tsa eona li ka thusa motho ea nang le khatello ea maikutlo. Hlokomela likeletso tse latelang.

Ho Tseba Taba ee ho ka re Thusa Joang?

“Batho ba phetseng hantle ha ba hloke ngaka empa ba kulang baa e hloka.”—MATHEU 9:12.

Bibele e bontša hore ka linako tse ling re hloka ho ea ngakeng. Batho ba bangata ba nang le mafu a kelello ba ile ba thusoa ke ho ithuta ka boloetse boo ba nang le bona le ka ho ea ngakeng.

“Ho ikoetlisa  . . ho na le molemo.” —1 TIMOTHEA 4:8.

Ho etsa lintho tse ntlafatsang bophelo ba hao ho ka u thusa ho fokotsa khatello ea maikutlo. Lintho tsena li akareletsa ho ikoetlisa kamehla, ho ja hantle le ho robala nako e lekaneng.

“Pelo e thabileng ke moriana empa ha motho a oele moea o felloa ke matla.”—LIPROVERBIA 17:22.

Ho bala litemana tse khothatsang tsa Bibele le ho ipehela lintho tseo u tla khona ho li etsa ho tla u thusa hore u lule u thabile. Ho nahana ka lintho tse ntle le ho ba le tšepo ea hore lintho li tla loka ho tla u thusa ho fokotsa khatello ea maikutlo.

“Bohlale bo ho ba inyenyefatsang.”—LIPROVERBIA 11:2.

Kaha u ke ke oa khona ho iketsetsa ntho e ’ngoe le e ’ngoe, amohela thuso ea batho ba bang. Metsoalle le ba lelapa ba ka batla ho u thusa, kahoo ba bolelle hore na ba u thuse ka eng. Ananela thuso ea bona ’me u se ke oa lebella hore ba u etsetse lintho tseo ba ke keng ba khona ho u etsetsa tsona.

Bibele e Fana ka Keletso e ka Thusang Batho ba Nang le Mafu a Kelello

“Ke ne ke sa ikutloe hantle eaba ke ea ngakeng. E ile ea mpolella hore na ke tšoeroe ke’ng. Ho tseba hore na ke tšoeroe ke’ng ho nthusitse hore ke utloisise le ho ithuta ka mekhoa ea phekolo e ka nthusang.”—Nicole a ea nang le boloetse ba khatello ea maikutlo (bipolar).

“Ke hlokometse hore ho bala Bibele kamehla le mosali oa ka ho nthusa hore ke qale letsatsi ke sa nahane ka lintho tse ntetebetsang. Ka matsatsi a mang ha ho le thata, ke khothatsoa ke litemana tse ling tseo ke ileng ka li bala.”—Peter ea nang le khatello ea maikutlo.

“Ke ne ke thatafalloa ke ho bolella batho ba bang ka bothata bona hobane bo ne bo ntlhabisa lihlong. Ke ile ka bolella motsoalle e mong oa ka ’me o ile a ’mamela ka hloko, a leka ho utloisisa kamoo ke ikutloang kateng. O ile a nthusa hore ke ikutloe ke le betere ’me ke ile ka hlokomela hore oa ntsotella.”—Ji-yoo ea sa khoneng ho laola tsela eo a jang ka eona.

“Bibele e nthusitse hore ke se ke ka sebetsa haholo le hore ke phomole. Likeletso tsa eona li boetse li nthusitse ho laola tsela eo ke ikutloang ka eona.”—Timothy ea nang le bothata ba ho nahana ka lintho tse etsang hore a tšoenyehe haholo.

a Mabitso a mang a fetotsoe.