Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Na Bakreste ba Lokela ho Rapela Libakeng Tseo ho Thoeng Lia Halalela?

Na Bakreste ba Lokela ho Rapela Libakeng Tseo ho Thoeng Lia Halalela?

SELEMO le selemo, batho ba fetang limilione tse tšeletseng ba ea morung o Hloahloeng ea Shima e Japane. Ba etela Tempeleng e Khōlō ea Ise, e leng moo molimotsana oa letsatsi oa Mashinto, ea bitsoang Amaterasu Omikami, a ’nileng a rapeloa ka lilemo tse ka bang likete tse peli. Pele batho bao ba kena ka tempeleng, ba lokela ho hlatsoa matsoho le molomo. Ha ba qeta ba ema ka pel’a holo ea tempele eo ho rapelloang ho eona e bitsoang haiden, ebe baa inama, ba opa liatla le ho rapela molimotsana eo. * Bolumeli ba Mashinto bo a lumella hore a be malumeling a mang. Mabuddha a mang a ipitsa Bakreste athe a mang ha a bone ho le phoso ho etsa meetlo ea Boshinto tempeleng ena.

Malumeli a mangata a tummeng a mehleng ena a na le libaka tseo ho thoeng lia halalela, * ’me batho ba limilione baa li etela. Linaheng tse ngata tsa batho ba reng ke Bakreste, ho na le likereke tse ngata le libaka tsa borapeli tse etselitsoeng Jesu, Maria le bahalaleli. Tse ling li moo ho ileng ha phela batho ba mehleng ea Bibele kapa moo ho ileng ha etsahala mehlolo mehleng ena kapa moo ho behiloeng litšoantšo tsa bahalaleli. Batho ba bangata ba ea libakeng tsena hobane ba lumela hore Molimo o tla utloa lithapelo tsa bona ha ba le moo. Ba bang ba nka maeto a malelele ho fihla ho tsona.

Na re lokela ho rapela Molimo libakeng tseo ho thoeng lia halalela e le hore a utloe lithapelo tsa rōna? Na Molimo o amohela borapeli ba batho ba nkang maeto a malelele ba ea libakeng tseo? Hona na Bakreste ba lokela ho rapela libakeng tseo? Karabo ea lipotso tsena e tla re thusa ho bona hore na re lokela ho ikutloa joang ka libaka tseo ho thoeng lia halalela le hore na Molimo o amohela borapeli ba mofuta ofe.

RAPELA “KA MOEA LE KA ’NETE”

Ha Jesu a buisana le mosali oa Mosamaria, o ile a hlalosa hore na Molimo o ikutloa joang ka ho rapela libakeng tseo ho thoeng lia halalela. Jesu o ne a le Samaria ’me a phomola selibeng se neng se le haufi le motse oa Sikare. O ile a buisana le mosali ea neng a tl’o kha metsi selibeng seo. Ha ba ntse ba qoqa, mosali eo o ile a bua ka phapang e khōlō e teng pakeng tsa bolumeli ba Bajuda le ba Basamaria. O ile a re: “Baholo-holo ba rōna ba ile ba rapela thabeng ena; empa lōna le re Jerusalema ke sona sebaka seo batho ba tšoanelang ho rapela ho sona.”—Johanne 4:5-9, 20.

Mosali eo o ne a bua ka Thaba ea Gerizime e bohōle ba lik’hilomithara tse ka bang 50 ka leboea ho Jerusalema. Basamaria ba kile ba e-ba le tempele thabeng eo ’me ba ketekela Paseka ho eona. Ho e-na le hore Jesu a bue ka phapang eo, o ile a re: “Mosali, ntumele, Hora ea tla eo ka eona le ke keng la rapela Ntate thabeng ena kapa Jerusalema.” (Johanne 4:21) E tlameha ebe mosali eo o ile a makala ha Jesu a cho joalo haholo kaha e ne e le Mojuda. Ke hobane’ng ha batho ba ne ba tla khaotsa ho rapela Molimo tempeleng e Jerusalema?

Jesu o ile a eketsa ka ho re: “Hora ea tla, ’me ke eona hona joale, eo ka eona barapeli ba ’nete ba tla rapela Ntate ka moea le ka ’nete, etsoe, ka sebele, Ntate o batla ba joalo hore ba mo rapele.” (Johanne 4:23) Ka lilemo tse ngata, Bajuda ba ne ba nka hore tempele e Jerusalema ke sebaka sa bona sa borapeli. Ba ne ba ea Jerusalema hararo ka selemo e le hore ba etsetse Jehova Molimo oa bona mahlabelo. (Exoda 23:14-17) Empa Jesu o ile a re lintho tseo kaofela li tl’o fela le hore “barapeli ba ’nete” ba ne ba tla rapela “ka moea le ka ’nete.”

Tempele ea Bajuda e ne e le mohaho o sebakeng se itseng. Empa moea le ’nete tsona re ke ke ra li bona ebile ha li sebakeng se itseng. Kahoo, Jesu o ne a re ho ke ke ha hlokahala hore Bakreste ba ’nete ba ee sebakeng se itseng kapa mohahong e le hore ba rapele, ebang ke Thabeng ea Gerizime, tempeleng e Jerusalema kapa sebakeng leha e le sefe.

Ha Jesu a qoqa le mosali oa Mosamaria o ile a boela a re “hora ea tla” ea hore tsela eo batho ba rapelang Molimo ka eona e fetohe. E ne e tla tla neng? Hora eo e ile ea fihla ha Jesu a shoa lefu la sehlabelo eaba Bajuda ba khaotsa tsela eo ba neng ba rapela ka eona ho ea ka Molao oa Moshe. (Baroma 10:4) Leha ho le joalo, Jesu o ile a re: “Hora . . . ke eona hona joale.” Hobane’ng? Hobane kaha ke Mesia o ne a se a ntse a bokella barutuoa ba tla mamela melao ea hae kahoo a re: “Molimo ke Moea, ’me ba mo rapelang ba tla rapela ka moea le ka ’nete.” (Johanne 4:24) Joale ho bolela’ng ho rapela ka moea le ka ’nete?

Jesu o ne a bua ka ho tataisoa ke moea o halalelang oa Molimo o re thusang ho utloisisa Bibele. (1 Bakorinthe 2:9-12) Hape ’nete eo Jesu a neng a bua ka eona, ke lithuto tse nepahetseng tse ka Bibeleng. Kahoo, Molimo ha a mamele lithapelo hobane li etsoa sebakeng se itseng, empa o amohela tse etsoang tumellanong le seo Bibele e se rutang.

BIBELE E RE’NG KA LIBAKA TSEO HO THOENG LIA HALALELA?

Bakreste ba lokela ho ikutloa joang ka ho rapela libakeng tseo ho thoeng lia halalela? Taelo ea Jesu ea hore re lokela ho rapela Molimo ka moea le ka ’nete, e hlakisa hore Molimo ha a amohele borapeli bo etsoang libakeng tseo. Ho ekelletsa moo, Bibele e re bolella hore na Molimo o ikutloa joang ha batho ba mo rapela ba sebelisa litšoantšo. E re: “Le balehele borapeli ba litšoantšo” hape “le itebele litšoantšong tse rapeloang.” (1 Bakorinthe 10:14; 1 Johanne 5:21) Kahoo, Mokreste oa ’nete a ke ke a rapela sebakeng seo ho nkoang hore sea halalela kapa moo ho rapeloang litšoantšo. Ka lebaka leo, Bakreste ha ba rapele libakeng tseo ho thoeng lia halalela.

Empa sena ha se bolele hore Lentsoe la Molimo le thibela batho ho ba le sebaka moo ba tla rapela, ba ithute le ho thuisa. Sebaka sa borapeli se boemong bo botle, se nolofalletsa batho ho ithuta le ho tšohla litaba tsa Molimo. Hape ha ho phoso ho beha lejoe (tombstone) lebitleng la motho ea hlokahetseng. Ho etsa joalo ho bontša feela hore re ntse re mo hopola kapa rea mo rata. Leha ho le joalo, ha re nka hore lebitla leo lea halalela kapa re beha litšoantšo tsa bahalaleli, re tla be re le khahlanong le mantsoe a Jesu.

Kahoo, ha ho hlokahale hore u ee sebakeng seo ho thoeng sea halalela e le hore Molimo a utloe lithapelo tsa hao. Hape ha se hore Molimo o tla u amohela kapa a u hlohonolofatse hobane u nkile leeto ho ea sebakeng seo. Bibele e re Jehova Molimo e leng “Morena oa leholimo le lefatše, ha a lule litempeleng tse entsoeng ka matsoho.” Empa sena ha se bolele hore Molimo o hōle le rōna. Re ka mo rapela re le kae kapa kae hobane ha a “hōle le e mong le e mong oa rōna.”—Liketso 17:24-27.

^ ser. 2 Lintho tseo Mashinto a li etsang litempeleng tsa ’ona li fapana ho ea ka libaka.

^ ser. 3 Sheba lebokose le reng “ Sebaka se Halalelang Ke’ng?