Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE

Bohloko ba ho Shoeloa

Bohloko ba ho Shoeloa

“Thōla ngoan’aka. Molimo oa tseba hore na o etsa’ng.”

Mosali ea bitsoang Bebe o ile a bolelloa mantsoe ao. O ne a le lefung la ntate oa hae ea ileng a hlokahalla kotsing ea koloi.

Bebe o ne a rata ntate oa hae haholo. Le hoja mantsoe ao a ne a buuoa ke motho ea tloaetseng lelapa labo, a ile a mo utloisa bohloko le ho feta. Bebe o ne a lula a re ka pelong: “Ke hobane’ng ha Molimo a khethile ho nka ntate oa ka?” Esita le ka mor’a lilemo ho ne ho bonahala hore Bebe o ne a e-s’o tšelisehe kaha o ile a ngola ka kotsi eo.

Bebe o ile a hlokomela hore ho nka nako hore motho a tšelisehe, haholo-holo ha ho hlokahetse motho eo a mo ratang haholo. Bibele e re lefu ke “sera sa ho qetela.” (1 Bakorinthe 15:26) Lefu le fihla ka tšohanyetso ’me le re arohanya le batho bao re ba ratang. Ke ngoetsi ea malapa ’ohle. Kahoo ho thata ho mamella bohloko bo tlisoang ke lona.

Mohlomong u kile oa ipotsa lipotso tsena: ‘Ho nka nako e kae hore motho a tšelisehe? Motho a ka sebetsana le bohloko bo tlisoang ke lefu joang? Nka tšelisa batho ba hlokahalletsoeng joang? Na batho bao ke ba ratang ba tla boela ba phele?’