Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

U ka Tseba Bokamoso ba Hao Joang?

U ka Tseba Bokamoso ba Hao Joang?

Batho ba bangata ba lumela hore bophelo ba bona bo laoloa ke matla a sa bonahaleng kapa bo reriloe esale pele. Litumelo tseo li etsa hore ba etse lintho tse ngata tseo ba nahanang hore li tla ba tlisetsa lehlohonolo kapa li ntlafatse bophelo ba bona ka tsela e itseng.

SEO BATHO BA BANGATA BA SE LUMELANG

BONOHE BA LINALELI: Batho ba bang ba lumela hore tsela eo linaleli li neng li lutse ka eona ha ba ne ba hlaha e ne e bontša hore na bokamoso ba bona bo tla ba joang. Ba bua le linohe tsa linaleli kapa ba bala litaba tse buang ka bonohe ba linaleli hore li ba bolelle lintho tse tl’o ba etsahalla, ebe ka mor’a moo ba leka ho fumana litsela tsa ho itšireletsa kapa ho atleha.

LIKARETE: Batho ba bang ba lumela hore haeba ba buisana le batho ba sebelisang likarete ho ba bolella bokamoso ba bona, ba tla tseba hore na ke hobane’ng ha ba hlaheloa ke lintho tse itseng le hore na ba lokela ho etsa’ng. Ha ba se ba tseba hore na ba tl’o etsahalloa ke’ng ba qoba lintho tse ka ba ntšang kotsi, ebe ba leka ho fumana tharollo ea mathata a bona le hore ba atlehe.

HO RAPELA BALIMO: Batho ba bang ba lumela hore ba lokela ho hlompha batho ba hlokahetseng kapa ba rapele melimo e fapaneng e le hore e ba sireletse le ho ba hlohonolofatsa. Van * ea lulang Vietnam o re: “Ke ne ke lumela hore haeba ke hlompha balimo, ba tla etsa hore ’na le bana ba ka re phele hamonate hona joale le nakong e tlang.”

HO TSOALOA HANGATA: Batho ba bangata ba lumela hore nako le nako ha motho a hlokahala o tsoaloa hape. Ba lumela hore lintho tse ntle kapa tse mpe tse ba etsahallang hona joale ke litla-morao tsa lintho tseo ba ileng ba li etsa bophelong ba bona bo fetileng.

Batho ba bangata ba re ha ba lumele linthong tsena, empa ba ntse ba etsa lintho tse kang ho bala mela ea matsoho, ho bala litaba tse buang ka bonohe ba linaleli, ho buisana le balimo le tse ling. Ba nahana hore mohlomong ho etsa lintho tsena ho ka ba thusa hore ba tsebe bokamoso ba bona.

LITLA-MORAO E BA LIFE?

Na batho ba lumelang lintho tsee ba atlehile bophelong, hona ba tla lula ba thabile?

Nahana ka se ileng sa etsahalla Hào ea lulang Vietnam. O ne a kopa thuso ho linohe tsa linaleli, a rapela balimo hore ba mo tataise, a bile a phela ka moetlo o bitsoang feng shui o tloaelehileng linaheng tsa Asia. Na o ile a atleha? Hào o re: “Ke ile ka lahleheloa ke chelete e ngata, ka kena likolotong, ka ba le mathata a lelapa le ho ba le khatello ea maikutlo.”

Qiuming ea lulang Taiwan le eena o ne a lumela ho bonohe ba linaleli, ho tsoaloa hangata, hore bophelo bo reriloe esale pele, a phela ka moetlo oa feng shui a bile a rapela balimo. Ka mor’a ho hlahloba lintho tsena tseo a neng a li lumela o ile a re: “Ke ile ka hlokomela hore lithuto tsena ha li lumellane ebile lia ferekanya le hore hangata seo linohe tsa linaleli li neng li se bua se ne se sa etsahale. Ha e le tabeng ea ho tsoaloa hangata, haeba motho a sa hopole lintho tse ileng tsa etsahala bophelong bo fetileng a ka fetoha joang ’me a etsa lintho ka tsela e nepahetseng bophelong bo latelang?”

“Ke ile ka hlokomela hore lithuto tsena le meetlo ena ha e lumellane ebile e ea ferekanya.”​—QIUMING, TAIWAN

Hào, Qiuming le batho ba bang ba bangata ba hlokometse hore ba ke ke ba tseba bokamoso ba bona ka ho sebelisa bonohe ba linaleli, ho buisana le batho ba hlokahetseng kapa ho tsoaloa hangata. Na see se bolela hore ha re khone ho laola lintho tse tla re etsahalla nakong e tlang?

Batho ba bangata ba nahana hore ba lokela ho ea liunivesithi le ho ba barui e le hore ba phele hamonate. Litla-morao e bile life ho batho ba ileng ba etsa qeto eo?

^ ser. 6 Sehloohong sena le tse latelang mabitso a mang a fetotsoe

^ ser. 16 Mantsoe ana a hlaha Bibeleng e Halalelang ho Bagalata 6:7. Mantsoe ana a nkuoe mantsoeng a tloaelehileng a reng: “Ha u jala lehapu, u tla kotula lehapu ’me ha u jala linaoa, u tla kotula linaoa.”