Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SEHLOOHO SE KA NTLE | HA E LE HANTLE HO ETSAHALA’NG LEHOLIMONG?

Lipotso Tseo Batho ba li Botsang ka Leholimo

Lipotso Tseo Batho ba li Botsang ka Leholimo

Na u kile ua ipotsa hore na ke bo-mang ba phelang leholimong le hore na leholimong ho joang? Haeba ho joalo, hase uena feela. Batho ba ’nile ba ipotsa lipotso tseo ka lilemo tse likete. Batho ba bang ba lumela hore leholimong ke moo ho lulang baholo-holo ba rōna ba lokeloang ke tlotla. Ba bang ba nahana hore ke sebaka se tletseng thabo se nang le mangeloi hammoho le batho ba lokileng ba ileng ba hlokahala. Ba bang bona ba nahana hore ke moo ho lulang libōpuoa tsa moea tse limilione.

Ho ntse ho le joalo, batho ba bang ba re re ke ke ra tseba se etsahalang leholimong kaha ha ho motho ea tsoang teng ea ka re bolellang ka lona. Empa lebaka leo le fosahetse hobane Jesu Kreste o ile a phela leholimong pele a tla lefatšeng. O ile a bua le baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae a re: “Ha kea theoha leholimong ho tla etsa thato ea ka, empa ho etsa thato ea ea nthomileng.” Kahoo, Jesu o ne a tsebisa baapostola ba hae ka leholimo ha a re: “Ka tlung ea Ntate ho na le libaka tse ngata tsa bolulo.”—Johanne 6:38; 14:2.

Ntate oa Jesu e leng Jehova Molimo, o lula leholimong. (Pesaleme ea 83:18) Kahoo, ha ho motho ea ka hlalosang leholimo hamolemo ho feta Jehova Molimo le Jesu Kreste. Ba ile ba tsebisa batho ka se etsahalang leholimong ka hore ba bontše batho ba tšepahalang lipono.

Sehlooho se latelang se bua ka litlaleho tsa Bibele tse hlalosang lintho tseo batho ba fapaneng ba ileng ba li bona. Ha u ntse u nahana ka litlaleho tseo, u lokela ho hopola hore leholimo hase sebaka se nang le lintho tseo re ka li bonang kapa ra li tšoara. Kahoo, Molimo ha aa ka a re hlalosetsa se etsahalang leholimong ka tsela e ka utloisisoang feela ke libōpuoa tsa moea, empa o re hlaloselitse ka tsela eo re ka e utloisisang. Litlaleho tsena li tla u thusa hore u utloisise libōpuoa tse phelang ‘libakeng tse ngata tsa bolulo’ tseo Jesu a buileng ka tsona.