Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

SE KA THUSANG LELAPA | BACHA

Bohloko ba ho Hlokahalloa ke Motsoali

Bohloko ba ho Hlokahalloa ke Motsoali

BOTHATA

Dami o ne a le lilemo li tšeletseng ha ntate oa hae a hlokahala ka lebaka la lefu la ho ruruha mothapo oa mali o bokong. Derrick eena o ne a le lilemo li robong ha ntate oa hae a bolaoa ke lefu la pelo. Athe Jeannie eena o ne a le lilemo li supileng ha ’mè oa hae a hlokahala ka mor’a ho qeta selemo a tšoeroe ke mofetše oa popelo. *

Bacha bana ba bararo, ba ne ba le banyenyane haholo ha batsoali ba bona ba hlokahala. Na le uena u hlokahalletsoe ke motsoali? Haeba ho joalo, sehlooho sena se tla u thusa nakong ea ho siama. * Empa pele a re ke re hlahlobe hore na ho siama ho akarelletsa’ng.

SEO U LOKELANG HO SE TSEBA

Re siama ka litsela tse fapaneng. Buka e ’ngoe e thusang bacha ba hlokahalletsoeng e re: “Ha ho na tsela e ngotsoeng fatše e re bolellang hore na re lokela ho siama joang.” Taba ea bohlokoa ke hore re se ke pata maikutlo a rona. Hobane’ng? Hobane . . .

Ho pata maikutlo a hao ho ka ba kotsi. Jeannie, eo re buileng ka eena qalong, o re: “Ke ne ke nahana hore ke lokela ho itiisa molemong oa ngoan’eso. Hona joale ke se ke tloaetse ho ipipetsa ha ke e-na le mathata, ’me hoo ho kotsi.”

Litsebi le tsona lia lumela hore ho ipipetsa ha motho a e-na le mathata ho kotsi. Buka e ’ngoe e thusang bacha ba siameng e re: “Ha ho na motho ea ka khonang ho pata maikutlo a hae kapa ho ipipetsa ho ea ho ile. Qetellong o tla hloleha ho a laola kapa a kule.” Hamorao, a ka leka ho itebatsa bohloko ka ho sebelisa lithethefatsi kapa ho noa joala.

Ho siama hoa ferekanya. Mohlala, batho ba bang ba koatela motho ea hlokahetseng ka hore o ba siile kherehloa. Ba bang bona ba koatela Molimo ka hore a ka be a ile a thibela lefu leo. Ho ka etsahala hore ba bang ba ile ba qabana le motho ea hlokahetseng kahoo ba sala ba utloile bohloko kaha joale ha ba sa na monyetla oa ho lokisa litaba.

Ho thata ho utloisisa ho siama. Ke’ng e ka u thusang hore u mamelle?

SEO U KA SE ETSANG

Bua le motho e mong. Ha u siame, ho itlela feela hore u batle ho itšehla thajana. Empa ho buisana le motho e mong, u mo phetlela sefuba, ho ka u thusa hore u sebetsane le bohloko boo.—Molao-Motheo oa Bibele: Liproverbia 18:24.

Ngola maikutlo a hao bukeng. Ngola ka motsoali oa hao ea hlokahetseng. Mohlomong u ka ngola ka lintho tse ntle tseo u li hopolang ka eena. Har’a tsona, ke life tseo u ka ratang ho mo etsisa ka tsona?

Haeba u lula u nahana ka lintho tse u utloisang bohloko, tse kang ho buisa motsoali oa hao hampe pele a hlokahala, ngola hore na u ikutloa joang. U ka re, “Ke sitoa ho itšoarela hobane ke ile ka buisa ntate hampe letsatsi pele a hlokahala.”

Ipotse, na ebe maikutlo a a nepahetse? Buka e ’ngoe e thusang bacha ba siameng e re: “Ha se ntho e utloahalang hore u ikahlole ka lebaka la hore u ke ke oa hlola u fumana monyetla oa hore u kope tšoarelo. Ho iketsahalla feela hore re etse le ho bua lintho tse ka utloisang ba bang bohloko.”—Molao-Motheo oa Bibele: Jobo 10:1.

Itlhokomele. U lokela ho ja hantle, u ikoetlise ’me u phomole ka ho lekaneng. Haeba u sa batle ho ja, e-ja lijo tse bobebe, mohlomong ho fihlela u se u e-na le takatso ea lijo hape. U se ke oa leka ho theola bohloko ka hore u je lijo tse tsoekere haholo le tse mafura kapa ka ho noa joala kaha u tla mpefatsa boemo le ho feta.

Rapela. Bibele e re: “Lahlela moroalo oa hao ho Jehova, o tla u tšehetsa.” (Pesaleme ea 55:22) Thapelo ha se ntho feela tjee e etsang hore motho a ikutloe hantle. Ke puisano ea sebele le Molimo ea “re tšelisang matšoenyehong ’ohle a rōna.”—2 Bakorinthe 1:3, 4.

Molimo o boetse o sebelisa Bibele ho re tšelisa. Ha u e bala, u tla ithuta ka boemo ba bafu le ka tšepiso eo Molimo a e fang batho ea tsoho. *Molao-Motheo oa Bibele: Pesaleme ea 94:19.

^ ser. 4 U ka bala litaba tse ling ka pale ea Dami, Derrick le Jeannie sehloohong se latelang.

^ ser. 5 Le hoja sehlooho sena se bua ka ho khetheha ka ho hlokahalloa ke motsoali, se ka sebetsa hape le ha motho a hlokahalletsoe ke ngoan’abo kapa motsoalle.

^ ser. 19 Sheba khaolo ea 16 Bukeng ea Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Volume 1. U ka boela oa e daonlouda mahala websaeteng ea www.dan124.com/st. Sheba tlas’a LINGOLILOENG.