Fetela boitsebisong

Fetela lethathamong la tse ka hare

Puisano e tšoana le borokho hobane e kopanya batsoali le bana

BAKENG SA BATSOALI

5 Ho Buisana

5 Ho Buisana

HO BOLELA’NG?

Batsoali le bana ba khona ho buisana hantle ha ba phetlelana lifuba.

KE HOBANE’NG HA HO LE BOHLOKOA?

Ha ho bonolo hore bacha ba qoqe le batsoali ba bona. Buka e bitsoang Breaking the Code e re: “Ha bana ba sa le banyane, ba bolella batsoali ba bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Empa ha ba hola, ha ba bue le batsoali ba bona haholo. Kahoo, ho ba thata hore batsoali ba tsebe hore na bana ba nahana’ng le hore na ba ikutloa joang.” Ha ngoana a se a sa thabele ho bua le batsoali ba hae, ke hona ha batsoali ba lokela ho leka ka matla ho bua le eena.

U KA ETSA’NG?

Bua le ngoana oa hao nako eohle ha a batla ho bua le uena. Leha u utloa u khathetse kapa e le bosiu, u lokela ho mo mamela ha a bua.

‘Ka linako tse ling u ka utloa u tenehile ha ngoana a batla ho bua le uena nakong eo u batlang ho phomola empa u ne u e-na le eena letšehare kaofela. Leha ho le joalo, ha rea lokela ho belaela hobane motsoali e mong le e mong o batla hore ngoana oa hae a bue le eena.’—Lisa.

“Ke motho ea ratang boroko. Empa ka linako tse ling bana ba ka ba ee ba batle ho bua le ’na e se e le bosiu haholo, ebe re buisana hamonate.”—Herbert.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “E mong le e mong a ’ne a batle, eseng se molemo ho eena, empa se molemo ho motho e mong.”—1 Bakorinthe 10:24.

U se ke oa lumella letho hore le u sitise. Ntate e mong o re: “Ka linako tse ling ha bana ba ka ba bua le ’na, ha ke khone ho ba mamela hantle hobane ke ntse ke nahana ka lintho tse ling. Leha nka etsa eka ke ba mametse, baa bona ha ke sa mamela.”

Haeba le uena u na le bothata bo joalo, leka ho bua le bana ba hao ho se na lintho tse u sitisang, tse kang TV kapa fono. Leha u ka utloa eka o bua ntho e se nang thuso, u mo mamele ka hloko.

“Bana ba rona ba lokela ho tseba hore rea tsotella hore na ba ikutloa joang. Ho seng joalo, ba tla thola leha ba e-na le mathata kapa ba batle thuso ho motho e mong.”—Maranda.

“U se ke oa potlakela ho halefa leha u utloa a ntse a bua lintho tse fosahetseng.”—Anthony.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: “Le ele hloko kamoo le mamelang kateng.”—Luka 8:18.

Le qoqe le ntse le tsoela pele ka mabaka a mang. Ka linako tse ling bana ba phutholoha haholo ha ba bua le batsoali ba bona ba sa ba sheba mahlong.

“Bana ba ka ba khona ho qoqa le ’na haholo ha re le ka koloing kaha rea be re sa shebana mahlong.”—Nicole.

Nako e ’ngoe e ntle ea ho qoqa le bana ke nakong ea lijo.

“Nakong eo re jang lijo tsa mantsiboea, rea qoqelana hore na ke’ng e re thabisitseng kapa e re koatisitseng letsatsing leo. Ho etsa joalo ho re thusa ho utloana le ho bona hore ha re e-na le mathata, re na le batho ba ka re thusang.”—Robin.

MOLAO-MOTHEO OA BIBELE: ‘Potlakela ho utloa, lieha ho bua.’—Jakobo 1:19.